Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 5/15 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Litaba Tse Senotsoeng ke Tsa Rōna’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ho Fumana Thabo Lentsoeng la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Jehova o Senola Morero oa Hae
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • “Bohlale ba Molimo bo Patiloeng Lekunutung le Halalelang”
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 5/15 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Moshe o ile a bolella Baiseraele hore ‘litaba tse senotsoeng ke tsa rōna, le tsa bana ba rōna ka ho sa feleng.’ (Deuteronoma 29:29) Na ‘litaba tsee tse senotsoeng’ li akarelletsa leseli le ’nileng la chabisoa Lentsoeng la Molimo mehleng ee ea qetello?

Che, e ne e tla ba ho fosahetseng ho bea kutloisiso ea boprofeta boo re bo neiloeng mehleng ena ea qetello boemong bo tšoanang le ba ‘litaba tse senotsoeng’ tseo Moshe a neng a li hlalosa.

Ho latela moelelo oa mantsoe a Moshe, ‘litaba tse senotsoeng’ tseo a neng a bua ka tsona li ne li amana le selekane sa Molao. (Deuteronoma 29:25) Moshe o ile a bontša hore ‘litaba tsena tse senotsoeng’ li ne li tsamaea le boikarabelo. Ho hlōleha ho phelela boikarabelo bona ho ne ho tla etsa hore Jehova a khalemele batho ba hae.

Ke ’nete hore selekane sa Molao, e ne e le tšenolo e tsoang ho Jehova Molimo. Se ne se etelletsoe pele ke lintho tse ling tse senoletsoeng bapatriareka, ho tloha ka Noe, ho khutlela morao ho Adama. Moshe o ile a sebelisoa ho ngola lintho tse senotsoeng ho fihlela nakong ea hae, ’me re li boloketsoe ka libukeng tse hlano tse qalang tsa Bibele. Hamorao, ‘litaba tsena tse senotsoeng’ li ile tsa akarelletsa boitsebiso bohle bo tlalehiloeng ka Bibeleng, joalokaha sehlooho ‘Litaba tse Senotsoeng Ke Tsa Rōna’ (Molula-Qhooa oa la 15 Motšeanong, 1986) se hlalositse.—2 Timothea 3:16.

Ka hona, Bibele e na le “lipolelo tsa Molimo,” litaba tse senotsoeng ke oona. (Ba-Roma 3:2) Ha Bajode ba tlhaho ba ipaka ba sa tšepahale, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba fetoha bahlokomeli ba ‘litaba tsena tse senotsoeng,’ ’me phutheho ea Bokreste ea fetoha “tšiea le motheo” bakeng sa bona. (1 Timothea 3:15; 1 Ba-Korinthe 4:1, NW) Ka hona, litho tsa phutheho eo kajeno ka nepo li ka pheta mantsoe a Moshe, hore ‘litaba tse senotsoeng ke tsa rōna.’

Kajeno, Jehova o chabisitse leseli le leholo ‘litabeng tsena tse senotsoeng.’ Joalokaha Daniele a profetile, batho ba Jehova ba ’nile ba ‘phenyekolla’ ka Lentsoeng le bululetsoeng, ’me ‘tsebo ea ’nete e eketsehile.’ (Daniele 12:4, NW) Kahoo, hona joale re tseba ho khetholla “linku tse ling.” (Johanne 10:16) Re hlokomela “bongata bo boholo ba batho.” (Tšenolo 7:9-17) Re bona phethahatso ea setšoantšo sa linku le lipōli. (Mattheu 25:31-46) Lintho tse joalo re li koaholletsoe, kapa re li tsebisitsoe empa e seng ka kutloisiso ea ‘litaba tse senotsoeng’ joalokaha li tlalehiloe ka Lentsoeng le bululetsoeng la Jehova.

Kahoo, e ne e tla ba ho fosahetseng ho bea lintho tse joalo tse ileng tsa utloisisoa e sa le pele boemong bo tšoanang le ba litšenolo tse bululetsoeng tse etsang ‘litaba tse senotsoeng’ tse tlalehiloeng ka Bibeleng. Ho e-na le hoo, ka ho ithuta Bibele ka matla, batho ba Jehova ka thapelo ba ’nile ba batla kutloisiso e nepahetseng ea ‘litaba tseo tse senotsoeng.’ Ka moea o halalelang, Jehova o fane ka kutloisiso eo ka nako ea hae e loketseng.

Bibele e re bolella hore “tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.” (Liproverbia 4:18) Ho eketseha ha leseli leo Jehova a le chabisitseng ‘litabeng tse senotsoeng’ ho bontša hore “letsatsi” leo le ntse le atamela, le ho paka hore tlhohonolofatso ea hae e holim’a phutheho ea Bokreste kajeno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela