Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 6/1 maq. 26-27
  • Ho Nyakalla le Sehlopha sa bo82 sa Gileade

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyakalla le Sehlopha sa bo82 sa Gileade
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baromuoa ba Eketsehileng Bakeng sa Kotulo ea Lefatše Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Khapo ea Likhau ea Sehlopha sa bo83 sa Gileade Ebile Ketsahalo e Thabisang ka Sebele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lehae le Lecha Bakeng sa Sekolo sa Gileade sa Baromuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Fumanang Thabo ho Jehova ’me le Nyakalle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 6/1 maq. 26-27

Ho Nyakalla le Sehlopha sa bo82 sa Gileade

“HA RE Bakreste ba tšepahalang feela ha ho se na mathata. Re thabetse feela hore e be re mona.” Ka mantsoe ana molula-setulo o ile a bula seboka se khethehileng sa letsatsi lohle Holong ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova Jersey City ka Sontaha, letsatsi la pele la Tlhakubele. Kantle, pula e ne e ena ka matla. Kahare, e ne e le letsatsi la ho hapa likhau bakeng sa liithuti tse 24 tsa sehlopha sa bo82 sa Gileade. Ha a talima lifahleho tse thabileng tsa liithuti, molula-setulo Theodore Jaracz oa Sehlopha se Busang o ile a re: “Ho hlakile hore ba chesehela ba bile ba nyakallela se larileng ka pele ho bona. Kaha Bibele e re ‘nyakalla le batho ba nyakaletseng,’ kea tiisa hore rōna bohle re ikutloa ka tsela e tšoanang!” Mahofi a ileng a thooletsa tlhaloso ena e bile bopaki ba hore bohle ba neng ba le teng ba 4 557 ba ne ba lumellana le eona.

Sebui sa pele lenaneong e ne e le John Barr, le eena e le setho sa Sehlopha se Busang. Ha a qotsa habatsi ho Pesaleme ea 104, o ile a bontša hore Jehova ha a bōpa ntho e ’ngoe le e ’ngoe feela, e phelang le e sa pheleng, empa hape, o bōpile sebaka seo pōpo e ’ngoe le e ’ngoe e leng ho sona. A tsoela pele a re: “Joale, ha le e-ea likabelong tsa lōna, nahanang: ‘Jehova o mpeile mona.’ Le se lebale hoo le ka mohla.”

Sebui se latelang e bile setho sa Komiti ea Mapolasi a Watchtower, John Stuefloten. O ile a hopotsa liithuti: “Maele aa re bolella: ‘Ruta ea nang le kelello, o tla eketsa ho hlalefa.’” (Liproverbia 9:9) Ka likhoeli tse hlano liithuti li ne li neiloe lijo tse enneng tsa moea. Ha ho pelaelo hore ka letsatsi lena la ho hapa likhau li ile tsa ikutloa li khotsoe moeeng. Sebui se itse, “Empa le sa le ntlhaneng feela!” Sa khothaletsa liithuti hore li ’ne li hōle tlhalefong le mohaung e le hore li ka nolofalloa haholoanyane hore li thuse ba bang.—Liproverbia 3:27.

George Gangas oa Sehlopha se Busang a latela ka mantsoe a mang a khethiloeng ka makhethe a buang ka thabo. O ile a hopotsa liithuti tse qetileng hore li sebeletsa “Molimo o thabileng” ’me a re: “Le tla thaba likabelong tsa lōna linaheng lisele.” Hobane’ng? “Hobane Jehova o le romela moo ho ea lopolla batho botlamuoeng.”

George Couch oa Komiti ea Bethele ea Brooklyn o ile a bua ka khoao. A hlokomela hore liithuti li ne li tseba hore na khoao ke eng. Liphephetso tsa ho tla Gileade, ho phela Bethele ea Brooklyn le ho bolela New York City kaofela li ile tsa baka khoao eitseng. Joale liithuti li ne li tletse khoao ka likabelo tsa tsona tsa boromuoa. Empa khoao e nang le mabaka hase sera. A hlalosa hore “khoao e ka susumeletsa hore re etse ho molemohali,” ’me a khothatsa liithuti hore li tšepe Jehova le hore li etse se molemohali likabelong tsa tsona.

Morupeli oa sekolo Jack Redford ea e-ba eena ea latelang sethaleng. A hlokomelisa ka ho nyatsa ho se nang mabaka. A qotsa mehlala ea Bibeleng ea likahlolo tse etsoang ka lepotla-potla tse ileng tsa baka mathata hamorao, a qotsa mantsoe a Jesu: “Se ahloleng, le tle le se ke la ahloloa.” (Mattheu 7:1) Sehlopha sa bo82 se ne se emela Molimo oa lerato. Liithuti li ne li romeloa likabelong tsa tsona ho ea utloela bohloko, e seng ho ea nyatsa.

Morupeli oa Gileade Ulysses Glass o ile a qotsa maele a Bibele: “Peisong ea lebelo ha a siee ba bang ka mehla, ntoa hase ea liqhenqha ka mehla.” (Moeklesia 9:11) Hase kamehla pheletso ea taba e hlahisoang ke bohlale ba rōna ba tlhaho. Mosebetsing oa boromuoa, hangata ke taba ea tumelo le boithaopo ba ho amohela phephetso. Sebui sa babatsa sehlopha sa bo82 ka ho ba se nkileng litaba hantle, se tšepahalang le se tsitsitseng. Litšoaneleho tse joalo li ne li tla hlahisa liithuti hantle.

Sebui sa ho qetela hoseng hoo, mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower Frederick Franz, se ile sa bolela hore ho hapa likhau ha sehlopha sa bo82 ho phahamisitse tumelo ea ba qalileng sekolo morao koana matsatsing a lefifi a Ntoa ea II ea Lefatše. O ile a bua ka lebitso Gileade, a hlalosa hore ke lentsoe la Bibele le bolelang “Mokolokotoane oa Bopaki.” (Bapisa Genese 31:43-53.) Baromuoa ba Gileade ba tšepahalang likabelong tsa bona ba sebetsa e le mokolokotoane oa bopaki. Ke bopaki bo phelang ba ’nete.

Liithuti joale tsa amohela mangolo a tsona, ’me karolo ea hoseng ea phethoa ka ho bala lengolo la liteboho le tsoang ho sehlopha sa bo82. Liithuti tsa hlokomela hore ‘tlhohonolofatso ea Jehova ke eona e entšang motho.’ Ka lebaka leo, tsa re, “Jehova o re entse hore re ikutloe joaloka batho ba 24 ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng.”—Liproverbia 10:22, NW.

Thapama, kamorao ho Thuto e khutsufalitsoeng ea Molula-Qhooa, liithuti tsa etsa lenaneo le thabisang. La phethoa ka mantsoe a tlohang botebong ba pelo a eang ho batsoali ba tsona, bao ho se be baikhabi ha bona le tšehetso ea bona li lumelletseng bana ba bona hore ba ee koo ’me e be baromuoa.

Lenaneo la liithuti la lateloa ke pontšo ea tšoantšiso e nakong, eo kamorao ho eona molula-setulo, Theodore Jaracz, a ileng a fana ka litlhaloso tse koalang. ’Me Mokhatlo o ne o khoaetse mohlolo o mokaakang bakeng sa litlhaloso tsee tse koalang! Sebui sa phatlalatsa hore haufi Mokhatlo o tla bula sekolo se secha, Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, se tla qala pele ka ho koetlisa baholo le bahlanka ba sebeletsang ba masooa. Bohle ba hloaea litsebe ha molula-setulo a phatlalatsa e ’ngoe ea litlhokahalo tsa ho kena sekolo sena se secha: ho utloisisa “ho sebetsa kae kapa kae moo tlhokahalo e leng khōlō tšimong ea lefatše ka bophara.”

Mahofi a thooletsa litaba tse buang ka sekolo sena se secha. (Lintlha tse ling tsa sena li fanoe sehloohong se latelang.) Lenaneo joale la phetheloa ka pina le thapelo ea liteboho ho Jehova. E mong le e mong joale a tsoela ka ntle mantsiboeeng a maru a New Jersey. Pula e ne e ntse e fafatsa, empa ke ba ’maloa ba neng ba e tsotelletse. Lipelo tsohle li ne li sa ntsane li nyakaletse le sehlopha sa bo82 sa Gileade se neng se hapa likhau.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Liithuti tse Qetileng tsa Sehlopha sa bo82 sa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade

Lethathamong le ka tlaase mona, mela e baloa ho tloha kapele ho ea morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng o mong le o mong.

(1) Gish, L.; Evans, E.; Dean, S.; Hanson, R.; Suomalainen, A.; DuBose, D.

(2) Wallenberg, P.; Wallenburg, M.; Bauer, O.; Suomalainen, H.; Taylor, B.; DiStefano, G.

(3) Scott, K.; Evans, M.; Taylor, A., Jr.; Lindby, J.; Hanson, C.; Holmkvist, M.

(4) Sampson, T.; Gish, T.; Ball, D.; DuBose, J.; Dean, T.; Scott, D.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela