Keketseho e Babatsehang “Ka Nģ’ane ho Lithaba”
HAITI ebile eona rephabliki ea pele Bophirimela ho fumana boipuso. Lebitso la eona le tsoa puong ea Seindia ea Arawak e bolelang “lithaba.” Ho na le maele a khale a Creole a reng: “Ka nģ’ane ho lithaba ke lithaba.” Ena ke tlhaloso e ntle ea naha ea Haiti.
Lilemong tsa morao tjena ho bile le ntho e ’ngoe e hlokomelehang mona “ka nģ’ane ho lithaba.” Ba bangata ba arabetse ho boleloeng ha litaba tse molemo tsa ’Muso ’me ba eme lehlakoreng la Jehova le Morena oa hae ea khethiloeng. (Esaia 60:22) Ka 1980 karolelano ea bahoeletsi ba ka bang 3 000 ba ne ba tlaleha mosebetsi oa tšimo khoeli le khoeli, ’me ofisi ea lekala e leng motse-moholong oa Port-au-Prince e ne e le nyenyane haholo ho hlokomela litlhōko tsa bona. Ho ne ho hlokahala mohaho o mocha. Kahoo ka Pulungoana 1984 ha qalisoa ka mosebetsi oa ho haha mehaho e mecha Santo, sebakeng se setle kathoko ho Port-au-Prince.
Pele sebaka seo se ne se tlameha ho lika-likeletsoa ka lerako le bolelele ba limithara tse 1 200. Feme ea moo e ile ea etsa mabota a konkreiti bakeng sa lebota lena, empa ho ile ha hiroa lipaki tsa moo, ’me baithaopi ba bangata ba sebelisa mafelo-beke a mangata ho phetha mosebetsi. Joale ha qalisoa ka mosebetsi oa kaho, ’me ka nako e fetang lilemo tse tharo, baithaopi ba fetang lekholo ba tsoang liphuthehong tsa Port-au-Prince ba thusitse ka mafelo-beke. Litho tsa Lenaneo la Machaba la Basebetsi ba Baithaopi li ne li tsoa United States, Canada, le linaheng tse ling—ba bangata ba ne ba sebelisa chelete ea bona—ho thusa.
Ha mosebetsi oa kaho o ntse o tsoela pele, ho ile ha hlaha bothata bo sa lebelloang. Ho na le molatsoana ka lehlakoreng le leng la sebaka seo. Ha pula e na, molatsoana o ja litlhokoa ’me o hohole mobu ka tsela e tšabehang. Sena qetellong se ne se tla liha karolo e ’ngoe ea lebota le lika-likelitseng setša sena. Kahoo ha hahuoa lebota la tšireletso lebopong la nōka, ’me joale setša sena se sirelelitsoe hantle metsing a matla ha pula e na.
Ka thuso ea Jehova, mohaho o motle oa qetoa. Mohaho oa Bethele o ahiloe ka sebopeho sa tlhaku ea U, o entsoe ka konkreiti. Karolo ea oona e ka letsohong le letšehali e na le likamore tsa ho robala tse robeli, sebaka sa ho hlatsoetsa, le ntlo ea polokelo ea libuka. Karolong e ka letsohong le letona ke moo ho beoang libuka. Ka pel’a mohaho, ho na le sebaka se seholo sa ho amohela baena ba tsoang likarolong tse fapa-fapaneng tsa naha ka linako tse sa tšoaneng har’a khoeli ba latileng limakasine le liodoro tsa libuka tsa liphutheho tsa bona. Karolong e ka pele ke liofisi, ntlo ea ho jela, le kichine.
Hammoho le ofisi ea lekala, ho ile ha ahuoa Holo ea Kopano e ka lulang batho ba 3 000 setšeng sena. Mahlakore a mabeli a holo a bulehile, hore ba lutseng kahare nako le nako ba hahloe ke moea o pholileng o fokang—tlhasimoloho e khathollang letsatsing le chesang la Haiti. Ho boetse ho na le kichine e nang le thepa ea sejoale-joale le mehaho ea ho jela, haesita le letangoana la kolobetso le sebaka sa ho betla mapolanka. Mabala a khabisitsoe hantle ka lihlahla tsa lehlabula le lipalesa.
Mathoasong a 1987, lenane la Lipaki “ka nģ’ane ho lithaba” le eketsehile ho feta 4 700. Ebile keketseho e khōlō hakaakang ho bohle ho bokana ’moho ka la 25 Pherekhong, 1987, bakeng sa nehelo ea mehaho ena e ’meli e metle! Baena ba bang ba lulang linaheng tse kathoko ba sebelitseng pelenyana mohahong ba ile ba tla le malapa a bona bakeng sa ho thabela letsatsi leo.
Lenaneo la nehelo ea moaho la qala motšehare o moholo ’me litho tse fapaneng tsa Komiti ea Lekala tsa hlalosa tlhokahalo e khōlō e neng e le teng ea mehaho e mecha ka lebaka la keketseho e babatsehang e neng e etsahala Haiti. Kamor’a khefu e khutšoane, ba bileng teng ba 5 384 ba ile ba khatholloa ka lenaneo la li-slide le bontšang mehato e fapaneng sa mosebetsi oa kaho.
Qetellong, puo ea nehelo ea fanoa ke Charles Molohan, molebeli oa libaka ea etileng ho tsoa Brooklyn, New York. Moena Molohan o buile ka bohlokoa ba ho hahela borapeli ba ’nete ba Bokreste. O hlalositse ka ho ba teng ha Noe le lelapa la hae har’a basebetsi ba moaho ba mehleng ea pele, ’me ho qeta kabelo ea bona ka botšepehi ho ne ho bolela pholoho ho lelapa la motho, esita le ho tsoela pele ka borapeli ba ’nete lefatšeng. Mohaho o mong oa boholo-holo e ne e le tempele ea Heroda, empa hamorao e ile ea senngoa hobane e ne e sa hōlise borapeli ba ’nete. (Mattheu 23:38) Kajeno, re lokela ho lula re le mafolo-folo re haha tumelo le litšoaneleho tse ling tsa Bokreste haeba re tla qoba kotsi e tšoanang.
Ruri ebile letsatsi le hlasimollang le le thabisang. Hoba tsohle li fele, bohle ba bileng teng ba khutlela malapeng a bona a fapaneng ba tseba hore mehaho ena e mecha “ka nģ’ane ho lithaba” e tla tsoela pele ho phetha karolo ea bohlokoa ho bokelleng barapeli ba ’nete karolong ena ea Caribbean.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Chebahalo ea Holo ea Kopano (ka holimo letsohong le letona) le lekala le lecha