Ho Tloha Bokhobeng ba ho Etsa Litene ho ea Tokolohong!
NA LIPHIRIMADE tsa Giza (haufi le Cairo ea kajeno) ha li re hopotse makhoba a tšoeroeng hampe a sebetsang ka thata letsatsing le chesang le ho hula majoe a maholo ho a tlisa motseng? Na u ka bona ka mahlo a kelello makhoba a Baheberu ka har’a oona?
Ha e le hantle, liphiramide tsa Egepeta tse bonoang leqepheng le latelang li bile teng pele ho tloha nakong eo lelapa la ntate oa Josefa Jakobo (kapa Iseraele) le neng le fallela Egepeta. Empa ho tloaelehileng ho feta ho haha ka majoe a maholo ebile tšebeliso ea litene, tse entsoeng ka bongata letsatsing lona leo le chesang.
Baheberu ba ileng ba lula Egepeta nakong ea Josefa ba ile ba hlohonolofatsoa ke Molimo ka hore ba ngatafale, hona ha tlisetsa Baegepeta tšabo. Rea bala: “Eaba ho beoa balaoli ba mesebetsi holim’a sona [Baheberu], ho se tuba ka mesebetsi e boima. Ba hahela Faro metse . . . Baegepeta ba tuba bana ba Iseraele ka bokhoba; ba ba sulafaletsa bophelo ba bona ka mosebetsi o boima oa seretse le setene.”—Exoda 1:7-14.
Ka letsohong le letona, u ka bona hore ho sa etsoa litene Egepeta, tse ling li besuoa seboping joaloka tse bonoang mona. (Bapisa Genese 11:1-3; 19:28.) Leha ho le joalo, ka ho hlakileng, boholo ba litene tsa Egepeta bo ne bo omisoa ke letsatsi. Ho ntse ho sebelisoa lehlaka ho etsa litene. Lehlaka le bonahala liteneng tse utolotsoeng masuping a Beersheba ea boholo-holo (karoloana ka har’a setšoantšo se seholo).
Ho eketsa lehlaka ho ne ho matlafatsa litene. Ho li etsa, mobu (kapa letsopa), le metsi, le lehlaka li ne li hatakeloa butle ka maoto, ebe joale li hatelloa ka liforomong tse etsang litene, ebe lia ntšuoa hore li ome. Ak’u nahane u sebetsa ka thata mosebetsing o joalo nako e telele letsatsi le letsatsi. Ruri, u ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha Baiseraele ‘ba ne ba lumaela ka lebaka la ho tubeha ha bona ’me ho meketsa ha bona ha fihla ho Molimo kamoo ba tubehang kateng.’—Exoda 2:23.
Jehova o ile a ba utloa ’me a romella Moshe ho Faro ho lokolla Baiseraele. Ho e-na le hoo, Faro oa moikhohomosi a eketsa moroalo oa bona. Joale ba ne ba tlameha ho bokeletsa lehlaka la bona, ba ntse ba etsa karolo ea bona ea mosebetsi oa litene, joaloka pele. E, sena se ne se tšoana le kahlolo ea lefu! Molimo oa re: “Joale, u tla bona seo ke tlang ho se etsa ho Faro; ke ka letsoho la ka le matla a tla se lokolla, ’me ke ka letsoho la ka le matla a tla se leleka naheng ea hae.”—Exoda 5:1–6:1.
Mohlomong u tseba pale kaofela. Jehova o ile a tseba ho hlōla Faro oa mohatelli. Kamor’a kotlo ea leshome, Molimo ‘oa ntša bana ba Iseraele naheng ea Egepeta.’ (Exoda 12:37-51) Baiseraele ba siea liphiramide, litene, le bokhoba bo sehlōhō, ba leba Lefatšeng la Pallo. Litlaleho tse tjena tsa histori li lokela ho re tiisetsa ka matla a Jehova Molimo a ho fana ka tokollo ea ’nete ho Bakreste lefatšeng le lecha le tlang, hammoho le Paradeise ea lona ea lefatše.—Bapisa Ba-Roma 8:20, 21.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 31]
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Lifoto, maqepheng 30, 31: Sebaka sa Polokelo (Near Eastern History) Est.