Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 12/15 maq. 8-9
  • Hantle-ntle Jesu ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hantle-ntle Jesu ke Mang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hantle-ntle Jesu ke Mang?
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Mor’a Motho ke Mang?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko
    Etsisa Tumelo ea Bona
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 12/15 maq. 8-9

Jesu—Bophelo le Tšebeletso tsa Hae

Hantle-ntle Jesu ke Mang?

HA SEKETSOANA se palamisitseng Jesu le barutuoa ba hae se fihla Bethsaida, batho ba tlisa sefofu ho eena ’me ba mo kōpa hore a se ame le ho se folisa. Jesu a tšoara sefofu ka letsoho a tsoela le sona ka ntle ho motse ’me, kamor’a ho se tšoela mathe mahlong, a ntoo se botsa: ‘U bona’ng?’

“Ke bona batho,” sefofu sa araba, “ke ba bona ba tsamaea, eka lifate.” Ka ho bea matsoho a hae mahlong a sefofu, Jesu o khutlisetsa pono ea sona e le hore se bone hantle. Joale Jesu o romela sefofu hae ka taelo ea hore se se ke sa kena motseng.

Joale Jesu o tloha le barutuoa ho ea motsaneng oa Cesarea oa Filippi, leboea le hōle la Palestina. Ke moepa o motelele o ka akaretsang lik’hilomethara tse 48 ho ea sebakeng se setle sa Cesarea oa Filippi, limithara tse 350 ka holim’a leoatle. Leeto le ka nka matsatsinyana.

Ha ba le tseleng, Jesu a kheloha a le mong ho ea rapela. Ho setse feela likhoeli tse ka bang 9 kapa tse ka bang 10 pele ho lefu la hae, ’me o amehile ka barutuoa ba hae. Ba bangata ba se ba khaolitse ho mo latela. Ba bang ho bonahala ba ferekane le ho soaba kahobane a hanne boiteko ba batho ba ho mo etsa morena le ka hobane ha a phephetsoa ke lira tsa hae, ha a ka a etsa pontšo e tsoang leholimong ho paka borena ba hae. Baapostola ba hae ba lumela eng ka boitsebahatso ba hae? Ha a khutla moo a neng a ile ho ea rapela, “Batho ba re ke mang?”

“Ba bang ba re, u Johanne Mokolobetsi,” ba araba, “ba bang ba re, u Elia; ba bang ba re, u Jeremia, kapa e mong oa baprofeta.” E, ba nahana hore Jesu ke e mong oa batho bana o tsositsoe bafung!

“Lōna, le re, ke mang na?” Jesu a botsa.

Ka potlako Petrose a araba: “U Kreste, Mor’a Molimo o phelang.”

Kamor’a ho lumela karabo ea Petrose, Jesu a re: “Ke re ho uena, u Petrose, ’me ka holim’a lejoe leo, ke tla haha phutheho ea ka, ’me likhoro tsa nģalo ea bafu ha li ka ke tsa e hlōla.” Mona ka lekhetlo la pele Jesu o tsebisa hore o tla haha phutheho le hore esita le lefu le ke ke la etsa litho tsa eona makhoba kamor’a tsela ea bona ea botšepehi lefatšeng. Joale a bolella Petrose: “Ke tla u nea linotlolo tsa ’muso oa maholimo.”

Ka hona Jesu o senola hore Petrose o tla amohela litokelo tse khethehileng. Che, Petrose ha a beoe boemong bo ka pele ho baapostola ba bang, leha e le hore o etsoa motheo oa phutheho. Jesu ka boeena ke Lejoe leo phutheho ea hae e tla ahuoa holim’a lona. Empa Petrose o filoe linotlolo tse tharo tseo ka tšoantšetso, a neng a tla bula ka tsona monyetla oa hore lihlopha tsa batho li kene ’Musong oa maholimo.

Petrose o sebelisitse senotlolo sa pele ka Pentekonta ea 33 C.E. ha a ne a bontša Bajode ba bakileng seo ba tlamehang ho se etsa hore ba bolokehe. O sebelisitse sa bobeli hamorao ha a bulela Basamaria ba lumelang monyetla oa ho kena ’Musong oa Molimo. Joale, ka 36 C.E. o sebelisa sa boraro ho bulela Balichaba ba sa bollang, Kornele le metsoalle ea hae, monyetla o tšoanang.

Jesu o tsoela pele ka moqoqo oa hae le baapostola ba hae. O ba soetsa ka ho ba bolella ka bohloko le lefu tseo haufinyana a neng a tla talimana le tsona Jerusalema. A hlōleha ho utloisisa hore Jesu o ne a tla tsosetsoa bophelong ba leholimo, Petrose a bitsetsa Jesu ka thōko. “Morena, u ikutloele bohloko,” a rialo, “tse joalo li ke ke tsa u hlahela.” Ka ho retelehela ho eena, Jesu a araba: “Tloha ho ’na, Satane, u khopiso ho ’na, hobane ha u utloe tsa Molimo, u utloa tsa batho feela.”

Ka ho hlakileng, ba bang ka ntle ho baapostola ba tsamaea le Jesu, joale oa ba bitsa ho ba hlalosetsa hore ha ho bonolo ho ba molateli oa hae. A re: “Ekare ha motho a rata ho ntatela a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, ’me a ntšale morao. Hobane e mong le e mong ea ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timelloa ke jona; empa e mong le e mong ea timelloang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo fumana.”

E, balateli ba Jesu ba tlameha ho ba sebete le ho iketsa sehlabelo haeba ba tla ipaka ba tšoaneloa ke mohau oa hae, joaloka ha a bolela: “Hobane e mong le e mong ea hlajoang ke lihlong ka ’na le ka litaba tsa ka, pel’a moloko ona o mofebi, o moetsalibe, le eena Mor’a motho o tla mo hlabeloa ke lihlong, mohla a tlang ka khanya ea hae, le ea Ntat’ae, le ea mangeloi a halalelang.” Mareka 8:22-38; Mattheu 16:13-28, NW; Luka 9:18-27.

◆ Ke hobane’ng ha Jesu a amehile ka barutuoa ba hae?

◆ Ke maikutlo afe ao batho ba nang le ’ona mabapi le hore Jesu ke mang?

◆ Ke linotlolo life tseo Petrose a li filoeng, ’me li sebelisitsoe joang?

◆ Ke khalemelo efe eo Petrose a e amohetseng, hona hobane’ng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela