Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 1/15 leq. 32
  • ’Mino o Folisang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Mino o Folisang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 1/15 leq. 32

’Mino o Folisang

’Mè e mong e mocha oa Iowa, U.S.A., oa hlalosa: “Ke tlameha ho le ngolla le ho le tsebisa kamoo lik’hasete tsa lōna [tsa piano] ‘Sing Praises to Jehovah’ li leng bohlokoa kateng ho ’na le lelapa la ka. Letsatsi le leng le le leng ke koeetsa ngoana oa ka ea lilemo li tharo hore a robale. Empa pele, re kenya e ’ngoe ea lik’hasete, ebe ke ntša buka ea lipina ’me re bina hammoho ha a ntse a robala.”

’Mè enoa o tsoela pele ho hlalosa ka ho belehoa ha ngoana oa hae oa morao pele ho nako ea hae le phihlelo ea hae ka mochining o thusang ho phefumoloha, moo a neng a lokela ho kenngoa peipi ka qoqothong. O’a re phetela: “Ke ile ka botsa baoki hore na nka mo tlisetsa sebapala-lik’hasete le lik’hasete tsa ’mino. Ba ile ba re ho lokile. Baoki ba ne ba sa kholoe kamoo lik’hasete li mo thusitseng ho fumana phomolo kateng. Ba arabile ka hore nako le nako ha a khathatsa, seo ba neng ba se etsa e ne e le ho ’mapalla ’mino oa hae. Mooki e mong o bile a re: ‘Ke lakatsa eka re ka be re e-na le ’mino oa mofuta ona bakeng sa masea kaofela. O’a rateha. Masea ana a utloa mantsoe a bahlokomeli ba ’ona feela.’”

Ke ’nete, ba bangata ba fumane ’mino ona o folisa moea oa bona. Albamo e ntle e nang le sehlooho se reng “Sing Praises to Jehovah” e nang le lik’hasete tse robeli e fumaneha feela ka R40. U ka amohela albamo ea hao ka ho tlatsa le ho romela setlankana sena hammoho le chelete ea hao.

Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, albamo ea “Sing Praises to Jehovah” e nang le lik’hasete tse robeli. Ke kentse R40.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela