Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae
Moketeng oa Metlotloane
JESU o ile a tsebisahala haholo lilemo tse batlileng ho ba tharo hoba a kolobetsoe. Batho ba likete tse ngata ba bone mehlolo ea hae, ’me litlaleho ka mesebetsi ea hae li hasane le naha eohle. Hona joale, joaloka ha batho ba phuthehela Jerusalema bakeng sa Mokete oa Metlotloane, ba ntse ba ’matla. Ba batla ho tseba, “Eloa o kae?”
Jesu o fetohile eo ho tsekisanoang ka eena. Ba bang ba re: “O molemo.” Ba bang ba phehella: “Che; empa o thetsa batho.” Ho na le phapang e khōlō ea mofuta oona ona nakong ea matsatsi a mararo a qalang a mokete. Ha ho lea mong ea nang le sebete sa ho emela Jesu phatlalatsa. Lebaka ke hobane batho ba tšaba boiphetetso bo tsoang ho baetapele ba Bajode.
Ha e se e le mahareng a mokete, Jesu oa fihla. O ea tempeleng, moo batho ba makalitsoeng ke boiphihlelo ba thuto e makatsang ea hae. Kaha Jesu ha a ka a kena likolo tsa bolumeli, Bajuda baa makala: “Na eo o tseba mangolo joang, athe ha a ka a ithuta?”
Jesu oa hlalosa: “Thuto ea ka hase ea ka, empa e le ea ea nthomileng. Ekare ha motho a rata ho etsa thato ea Hae, o tla tseba thuto hore na e tsoa ho Molimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka.” Thuto ea Jesu e ipapisitse haufi le molao oa Molimo. Ka hona, ho hlakile hore o batla thoriso ea Molimo, e seng ea hae. Jesu oa botsa: “Ha ke re, Moshe o le neile molao na?” ’Me ha a ba nyatsa o tsoela pele: “Ha ho e mong oa lōna ea phethang molao.”
Jesu joale oa botsa: “Le batlela’ng ho mpolaea?”
Sechaba, mohlomong baeti ba tlileng moketeng, ha se elelloe boiteko bo joalo. Ba ho nka ho sa utloahale hore ho ka ba le motho ea batlang ho bolaea moruti ea molemohali joalo. Ka hona ba lumela hore ho tlameha e be ho teng ho hong ho phoso ho Jesu hore a nahane hona. Ba re: “U na le modemona; ke mang ea batlang ho u bolaea?”
Le hoja sechaba se ka ’na sa se hlokomele, baetapele ba Bajuda ba batla hore Jesu a bolaoe. Selemo le halofo pele ha Jesu a ne a folisitse motho ka sabbatha, baeta-pele ba ile ba leka ho ’molaea. Jesu joale o totobatsa ho hloka mabaka ha bona ka ho ba botsa: “Na ha motho a bolotsoa ka sabbatha, ho tle ho se ke ha tlōloa molao oa Moshe, le nkhalefetse ke’ng ha ke folisitse motho kahohle ka sabbatha na? Se ahloleng ka ho bona feela le mpe le ahlole ka kahlolo e lokileng.”
Ba bang ba Jerusalema, ba elelloang boemo bona, joale ba re: “Na hase eena eo ba ’matlang ho ’molaea na? Athe bonang, ke enoa o bua pepeneneng, ’me ha ba mo fetole ka letho; na baholo ba tsebile ruri hobane ke eena e leng Kreste na?” Batho bana ba Jerusalema ba hlalosa hore na ke hobane’ng ha ba sa lumele hore Jesu ke Kreste: “Enoa re mpa re mo tseba moo a tsoang teng, athe Kreste, mohla a tlang, ha ho motho ea tla tseba moo a tsoang teng.”
Jesu oa arabela: “Lea ntseba, le bile le tseba le moo ke tsoang teng; ha kea itlisa, empa ea nthomileng ke oa ’nete, ’me ha le mo tsebe. Empa ’na kea mo tseba, kahobane ke tsoa ho eena, ’me ke romiloe ke eena.” Ka sena ba leka ho mo tšoara, mohlomong ba mo kenye teronkong kapa ba ’molaee. Empa ha ba atlehe hobane ha e-s’o be nako ea Jesu ea ho shoa.
Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba lumela ho Jesu, joaloka ha ka sebele ba ne ba tšoanetse. Hobane o ne a ile a tsamaea holim’a metsi, a kokobetsa meea e matla, a khutsisa lifefo maoatleng, a fepa ka mohlolo ba likete ka mahobe a fokolang le litlhapi, a folisa ba kulang, a etsa hore lihlotsa li tsamaee, a tutubolla mahlo a lifofu, a folisa balepera, ha esita le ho tsosa bafu. Ka hona baa botsa: “Etlare hobane Kreste a tle, o tla etsa mehlolo e fetisang e entsoeng ke enoa na?”
Eare ha Bafarisi ba utloa kamoo ba sebang kateng, bona Bafarisi le baprista ba baholo ba rōma bahlanka ho tšoara Jesu. Johanne 7:11-32.
◆ Jesu o fihla neng moketeng, ’me ho thoe’ng ka eena moo?
◆ Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba ba bang ba re Jesu o na le modemona?
◆ Ke pono efe ea Jesu eo ba bang ba Jerusalema ba nang le eona?
◆ Ke hobane’ng ha ba bangata ba lumela ho Jesu?