Li ile tsa Ananeloa ke Ngaka
Ngaka e ’ngoe ea Frankfurt, Jeremane Bophirima, e neng e ile ea memeloa hore e nchafatse lipeeletso tsa eona tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, ha ea ka ea romella chelete ea ho nchafatsa feela empa ea hlalosa:
“Ke hlolloa kamehla ke ho ngoloa ha lihlooho tse fapa-fapaneng tse molemo haholo le tse thahasellisang hakana—boholo ba tsona li sa bue ka bolumeli—ka theko e tlaase hakana. Le hoja nako eo ke lokolohang mosebetsing ka eona e fokola haholo, hangata mantsiboea ke ne ke a qeta ke ikharile ka phaposing ea ka ea boikhathollo ke bala limakasine tsa lōna ka lebone. Ke boetse ke leboha ka mofuthu boiteko ba lōna.”
Ho hana eng hore le uena u thabele likoranta tsee tse khabane? U ka etsa hore likoranta tsena tse peli tsa bohlokoa li tlisoe lapeng la hao ka hore u tlatse u be u romele setlankane sena.
Ka kōpo romelang peeletso ea selemo bakeng sa Molula-Qhooa le Tsoha! Ke kentse R13,50.