“Li molemo joaloka batataisi bophelong ba letsatsi le letsatsi”
Seo ke se boletsoeng ke mosali e mong oa Toronto, Canada, ka likhatiso tsa Watch Tower Bible and Tract Society. “Ke thabela ho li bala ’me ke fumana boitsebiso ba tsona bo ruta haholo, bo thabisa, ’me kaholimo ho tsohle li molemo haholo joaloka batataisi bophelong ba letsatsi le letsatsi.”
A phaella: “Ke na le lengolo la univesithi, empa ka ho nyarosang ke tlameha ho lumela hore ke ithutile ho hongata haholo ka likhatiso tsa lōna ho feta ka lilemo tsohle tsa ka tsa ho ithuta. Ke thabetse haholo-holo buka ea lōna Ho Etsa Bophelo Ba Lelapa la Hao bo Thabileng. Ha ho likhatiso tse ling tse khonneng ho ipiletsa ka matla hakaalo bophelong ba ka joaloka tsa lōna—li nthusitse haholo; kannete kea leboha bakeng sa sena.”
Buka e boletsoeng kaholimo, Ho Etsa Bophelo Ba Lelapa la Hao bo Thabileng, e fana ka litlhahiso tse tobileng tse thusang ho rarolla mathata le ho etsa lenyalo ntho e thabisang eo ’Mōpi a neng a le reretse ho ha eona. Bakeng sa kopi ea hao, tlatsa setlankane sena ’me u se romele ’moho le monehelo oa R2.
Ka kōpo romellang, poso e lefeletsoe, buka e sekoahelo se thata, e maqephe a 192 Ho Etsa Bophelo Ba Lelapa la Hao bo Thabileng. Ke kentse R2!