Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 10/1 leq. 30
  • Ho Akhela Mahlo Greece

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Akhela Mahlo Greece
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 10/1 leq. 30

Ho Akhela Mahlo Greece

Baahi ba pele-pele bao ho tsebjoang ka bona ba Greece ba ne ba bitsoa Maionia. Ho na le tumelo ea hore ba ile ba bitsoa ka lebitso lena ka lebaka la moholo-holo oa bona Javane (Ya·wanʹ, ka Seheberu), mora oa Jafeta ’me ka lebaka leo e le setloholo sa Noe. (Genese 10:1, 2) Ka Mangolong a Bokreste a Segerike a Bibele, Greece e bitsoa Hel·lasʹ. Ke naha e matsaranka le e mafika, e nang le lithaba tse ling tse nang le meru e teteaneng haholo. Khale-khale Bagerike ba ile ba ba le tsebo e matla ea ho tsamaea leoatleng.

Bagerike ba boholo-holo ba ne ba e-na le melimo e mengata, e neng e hlalosoa e e-na le libopeho tsa batho ’me e le metle haholo. Ho nahanoa hore melimo ena e ne e e-ja, e e-noa, le ho robala e robala; ’me le hoja ho ne ho nkoa hore ea halalela e bile ha e shoe, e ne e boetse e thetsa e bile e beta ’me e e-na le matla a bolotsana le a tlōlo ea molao. Litšōmo tse joalo e ka ’na eaba e ne e le likhopolo tse sa nepahalang ka nako ea pele ho Moroallo ha bara ba Molimo ba mangeloi ka bofetoheli ba e-tla lefatšeng, ba phela le basali, ba etsa bana ba matla ba neng ba bitsoa Lifontoane, ’me ba tlatsa lefatše ka pefo.—Genese 6:1-8, 13.

Lekholong la bone la lilemo B.C.E., Philip oa Macedon, ntat’a Alexander e Moholo, o ile a nka bohato ba ho kopanya metse e neng e ipusa pele ho moo ea Bagerike, a e lihela tlas’a taolo ea Macedonia. Lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., Greece e ile ea fetoha naha e busoang ke Roma, ’me mokhoa oa bophelo oa Bagerike oa tlala Roma.

Tšebeliso e batsi ea Segerike sa koi·neʹ e ile a tlatsetsa katolosong e potlakileng ea litaba tse molemo tsa Bokreste sebakeng sohle sa Mediterranean.

Moapostola Pauluse o ile a etela Macedonia le Greece nakong ea maeto a hae a boromuoa la bobeli le la boraroo o ile a thea liphutheho tsa Bokreste Filippi, Thessalonika, Korinthe, le Berea. Silase, Timothea, Tite, le Bakreste ba bang ba pele le bona ba ile ba ruta mona. Kajeno, Greece e na le liphutheho tse fetang 320 tsa Lipaki tsa Jehova le bahoeletsi ba ’Muso oa Molimo ba fetang 23 000.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela