Na u sa Hopola?
Na u kile ua nahanisisa ka hloko ka litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, mohlomong u tla nolofalloa ho hopola lintlha tse latelang:
◻ Mohloli oa thabo ea ’nete ke eng?
Jesu o itse: “Ho thabile ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!” (Luka 11:28, NW) Ka hona Jesu o ne a bontša hore thabo ea ’nete e fumanoa ka ho ba mohlanka ea tšepahalang oa Molimo le ho etsa thato ea oona.—8/15, leqephe 8.
◻ Ke ka tsela efe e ’ngoe re ka hanelang maraba le liketso tse bolotsana tsa Satane?
E le hore re ka hanela Satane, re tlameha ho itlhahloba. Na re na le bofokoli boo Satane a ka bo sebelisang kapa a seng a ntse a bo sebelisa hona joale? Ka mohlala: Na re na le bothata ba boikhabi? Na ka mehla re tlameha ho ba ba pele? Haeba re itseba, re ka lokisa mathata a joalo, haholo haeba re le ba ikokobelitseng. Ka tsela ena, ha re na ho ipepesetsa Satane.—9/1, maqephe 15, 16.
◻ Letšoao la tšoantšetso leo ea neng a tšoantšetsoa ke “monna ea apereng line” a le beang ho bao ba fetohang “linku tse ling” tsa Kreste ke eng? (Ezekiele 9:2-4; Johanne 10:16)
“Letšoao” ke bopaki ba hore bao ba seka linku ke batho ba inehetseng, le ho kolobetsoa ba nang le botho bo kang ba Kreste.—9/15, leqephe 14.
◻ Moapostola Petrose o ne a bolela’ng ha a re re lokela ho ‘ratana ka tieo ho tsoa pelong’? (1 Petrose 1:22)
“Ka tieo” ha e le hantle ho bolela “ka ho atolohileng.” Hore lerato le joalo le bonahatsoe har’a Bakreste ho hloka boiteko le ho atolosa lipelo tsa rōna e le hore li ka akarelletsa batho bao ka tloaelo re neng re ke ke ra ba atamela.—10/1, leqephe 12.
◻ Ho boleloa eng ka tempele e ho Tšenolo 11:1, ’me e qalile ho ba teng neng?
Ke tempele e khōlō ea moea eo sehalalelisiso sa eona e leng tulo ea Jehova e leholimong. E bile teng ka 29 C.E. ha Jesu a tlotsoa ’me a qala ho sebeletsa e le moprista e moholo. (Ba-Heberu 3:1; 10:5)—10/15, leqephe 12.
◻ Codex Sinaiticus ke eng, ’me e bohlokoa joang?
Codex Sinaiticus e na le Mangolo ’ohle a Bakreste a Segerike le liphetolelo tsa likarolo tsa Mangolo a Seheberu. Bonyane e na le lilemo tse 1600, ’me e bōpa khokahanyo ea bohlokoa letotong la libuka tsa rōna tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho.—10/15, maqephe 30, 31.
◻ Ke eng e tlatsetsang thabong e kholohali ea lenyalo?
Molekane e mong le e mong oa lenyalo o tlameha ho kholiseha hore Molimo o teng lenyalong la bona. Ka tsela ena, litlhoko tsa moea li tla khotsofatsoa, le tlamahano ea lenyalo e tla matlafatsoa. (Moeklesia 4:12; Mattheu 5:3)—11/1, leqephe 16.
◻ “Khotso ea Molimo” eo moapostola Pauluse a buang ka eona ho Ba-Filippi 4:7 ke eng?
Ena ke khotso ea kelello le boiketlo tse fanoang ke Molimo, esita le har’a maemo a lekang ka ho fetisisa. E tsoaloa ke ho ba le kamano e haufi le Jehova le kholiseho ea hore seo motho a se etsang efela e le se khahlehang mahlong a hae.—11/1, leqephe 30.
◻ Ke ho tloha nakong efe motho a qalang ho amoheloa ke Jehova?
Ka boinehelo le kolobetso, hoa khoneha hore motho ea sa phethahalang a ka fetoha ‘motho ea hauhetsoeng,’ kapa motho ea amohetsoeng ke Molimo. (Luka 2:14)—11/15, leqephe 11.
◻ Batsoali ba ka etsa eng ho thusa ngoana oa bona e monyenyane ea entseng phoso esita le haeba a hlakotsoe lenaneng la bahoeletsi ba sa kolobetsoang kapa a khaotsoe?
Feela joalokaha batsoali ba tla tsoela pele ho fana ka lijo, liaparo le bolulo, ka hona ho hlokahala hore ba mo laee le ho mo khalemela tumellanong le Lentsoe la Molimo. Ba ka ithuta le eena a le mong kapa ba etsa hore a kopanele tokisetsong ea thuto ea lelapa.—11/15, leqephe 20.
◻ Neano ea Bajode e ile ea felisa joang molao oa Molimo o ho Exoda 20:12 oa hore bana ba lokela ho hlompha batsoali ba bona?
Motho o ne a ka bea tšireletsong thepa ea hae hore hamorao e tle e neheloe tempeleng e le “korbane,” e neng e bolela, “neo e etsetsoang Molimo.” (Mareka 7:11) Korbane eo e ne e ntse e ka sebelisoa ke motho molemong oa hae, empa o ne a ka e hanela batsoali ba hae.—12/1, Maqephe 4, 5.