“Lentsoe la Bona le Utloahetse Lefatšeng Lohle”
HO PESALEME ea 19, Davida o boka khanya ea pōpo a bonahalang ea Molimo ’me o tsoela pele ho bontša kananelo e mofuthu bakeng sa molao, likhopotso, litaelo, melao, le likahlolo tsa Jehova. Moapostola Pauluse le eena o ile a bontša kananelo bakeng sa lintho tsena. O ile a qotsa pesalemeng ena ’me a atolosetsa tšebeliso ea eona mosebetsing o moholo oa Bakreste ba ’nete. Ha a bua ka bona o itse: “Lentsoe la bona le utloahetse lefatšeng lohle, ’me lipolelo tsa bona li fihlile pheletsong ea lona.”—Ba-Roma 10:18, TLP.
“Lipolelo” tsena li ka bolela lefu kapa bophelo ho batho bohle kajeno, hobane likahlolo tsa Jehova li haufi le ho phethahatsoa holim’a tsamaiso e khopo ea lintho lefatšeng. (Sofonia 2:2, 3; 3:8) Ka sebele batho ba hloka ho tsebisoa litaba tse molemo tsa’Muso oa Jehova. Hohle moo u ka talimang teng kajeno, ho na le karohano, ho hloka molao, tlōlo ea molao, boitšoaro bo bobe, ho qhalana ha malapa. E, ho buuoa ka khotso, empa mebuso e meholo e ntse e tsoela pele ho haha libetsa tse rarahaneng haholoanyane ho feta leha e le neng pele, ha palo ea lichaba ka bonngoe tse kenelang ‘mokhatlo oa ho haha libetsa tsa nuclear’ e ntse e atolohela ho lichaba tse ngata haholoanyane. Maemo holim’a lefatše ka ho hlakileng a tšoanela ‘mehla ea qetello’ eo Pauluse a e hlalositseng ho 2 Timothea 3:1-5.
Ke bo-mang ba tla pholosoa mofere-fereng oo, hona ka tsela efe? Pauluse o araba ka ho hlaka, a qotsa boprofeta bo ho Joele 2:32: “Ho tla bolokeha e mong le e mong ea rapelang lebitso la Jehova.” (Ba-Roma 10:13, NW) Empa batho ba lefatše ba ka ‘rapela lebitso la Jehova’ ka tsela efe? Ba bangata ha ba tsebe le hore Jehova ke lebitso la Molimo! Batho baa ba ka thusoa joang? Pauluse o arabela ka hore baboleli ba tlameha ho romelloa ho bona.—Ba-Roma 10:14-16.
Ka thabo, Jehova o romile Lipaki tsa hae ho bolella batho hore ’Muso oa Molimo o atametse le hore o tla bolela ho pholohela bophelong bo sa feleng ho bao ba tsebang Molimo le Mora oa oona, Jesu Kreste. (Esaia 43:10, 12; Luka 21:25, 26, 31; Johanne 17:3) Litaba tsena tse molemo li boleloa “lefatšeng lohle.”
Ba limillione ba ela hloko boboleli bona,joalokaha ho pakoa ke kakaretso ea lefatše lohle ea ba 9 201 071 ba ileng ba e-ba teng sebokeng sa ho ikhopotsa lefu la Jesu, ka la 1 ’Mesa, 1988. Selemong seo, ho ile ha fihleloa tlhoro ea bahoeletsi ba ’Muso bakeng sa tšimo ea lefatše ba 3 592 654, ’me basebeletsi ba bacha ba 239 268 ba ile ba kolobetsoa—e leng keketseho ea ba 3,6 lekholong holim’a selemo se fetileng. Baromuoa ba tšepahalang ba ile ba rala motheo o moholo bakeng sa keketseho ena, joalokaha ho tla hlalosoa hamorao makasineng ona. Empa lilemong tsa morao tjena, Lipaki tse baloang ka makholo a likete tse ntseng li le linaheng tsa habo tsona, e leng ba ‘lumelang linthong tseo ba li utloang,’ le tsona li tletse moea oa bopula-maliboho ’me li ‘bolela litaba tse molemo tsa lintho tse molemo’ letsatsi le letsatsi. Karolelano ea Lipaki tse 455 561 e ile ea tlaleha e le bo-pula-maliboho, e leng keketseho ea ba 4,4 lekholong bakeng sa selemo seo. Ka baka lena, kakaretso e khōlō ea lihora tse 785 521 697 e ile ea sebelisoa boboleling, e fetang ka makhetlo a imenang habeli kakaretso ea lihora tsohle lilemong tse 6 tse fetileng.
Chate e maqepheng a mane a latelang a makasine ona e bontša ka ho qaqileng hore na boboleli boo bo pharalletse hakae. Re u memela hore u hlahlobe tlaleho ena ea 1988 ea mosebetsi oa Bokreste lefatšeng ka bophara.
[Chate e leqepheng la 4-7]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1988 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba volume)