‘Ha ho Mohla re Kileng ra Thaba Joaloka Hona Joale’
Ke kamoo ho hlalositseng mosali ea ileng a sebelisa keletso e fanoeng bukeng Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. O ne a e-na le mathata a lenyalo ’me a qala ho buisana ka ’ona le mosali ea neng a mo hloekisetsa ntlo. ’Mè ea hloekisang oa ngola:
“Keletso leha e le efe eo ke neng ke mo neha eona e ne e etsoa ka hare ho buka ena. Qetellong ke ile ka ’molella hore ke na le buka eo a ka ’nang a e fumana e thahasellisa. Ke ile ka hlalosa kamoo e nthusitseng kateng le hore e bua ka litaba tse utloahalang tse tsoang Bibeleng. Matsatsi a seng makae hamorao, ke ile ka buisana le eena ka thelefono ’me a mpolella hore eena le monna oa hae ba e balile ’me ba entse qeto ea hore ba tla sebelisana hamolemo haholoanyane.
“Mantsiboeeng ana o ile a ntetsetsa hape ’me a mpolella hore, har’a tse ling tse ngata, ha ho mohla bophelo ba bona e kileng ea e-ba bo thabileng joaloka hona joale. Ba balile buka ena hammoho, ba e hlahloba ka Bibele, ’me ba sebelisa melao-motheo e ka hare ho eona.’
Haeba u batla thuso ea ho etsa lenyalo la hao le thabileng, u ka fumana molemo bukeng ena. Amohela kopi ka ho tlatsa le ho romela setlankane sena.
Ka kōpo nthomelleng, poso a lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata, e maqephe a 192 Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. Ke kentse R2.