Qaka ea K’hatholike
HONA joale Kereke ea K’hatholike e talimane le mathata a mabeli mabapi le Diabolose. Ka lehlakoreng le leng, e ntse e lokela ho loantša temalo e teng har’a Mak’hatholike a kajeno ea ho belaella boteng ba Diabolose. Ka lehlakoreng le leng, e ntse e lokela ho sebetsana le keketseho e khōlō ea mesebetsi ea ho leleka bademona ntle ho tumello ea eona, kapa ho lelekoa ha meea e khopo.
Mopapa John Paul II o ile a hopotsa bacha ba K’hatholike hore ba lokela ho nka Diabolose ka ho teba. Lengolong la hae, o ile a ngola: “Ha lea lokela ho tšaba ho bitsa moetsi oa pele oa bobe ka lebitso la hae: Ea Khopo. O ’nile a sebelisa ’me o tsoela pele ho sebelisa maqiti a ho se itšenole.”
Ka ho tšoanang, mok’hadinale Joseph Ratzinger, moeta-pele oa Phutheho e Halalelang ea Thuto ea Tumelo, Roma, o ile a bolela: “Ho sa tsotellehe seo litsebi tsa thuto ea bolumeli tse seng seli li ka ’nang tsa se bolela, diabolose, ho latela kamoo tumelo ea Bokreste e amehang kateng, ke [boleng] bo makatsang empa ba sebele, o na le botho ’me hase feela boteng ba tšoantšetso. Ke boleng ba sebele bo matla.”
Mok’hadinale Ratzinger o ile a boetse a bua ka kameho e khōlō ka liboka tse amanang le Satane tse ntseng li tšoaroa ke Mak’hatholike linaheng tse ngata ka ntle ho tumello ea kereke. Lengolong la Loetse 29, 1985, le neng le ngoletsoe babishopo bohle ba K’hatholike lefatšeng lohle, o ile a ngola: “Ka lilemo tse ngata, likerekeng tse itseng, ho ntse ho tšoaroa liboka tse ngata-ngata tsa lithapelo tse mabapi le ho lopolla batho tšusumetsong ea bodemona.” O ile a hopotsa babishopo hore ho latela molao oa lekhotla la kereke, liboka tse joalo li ke ke tsa tšoaroa ntle ho tumello e tobileng ea mobishopo oa sebaka seo le hore tumello e joalo e lokela ho fuoa baprista feela. Ha ho motho feela ea sa rutehang ea nang le tokelo ea ho phatlalatsa “mokhoa oa ho leleka Satane le mangeloi a oeleng.”
Koranta ea letsatsi le letsatsi ea Sefora Le Figaro e ile ea tlaleha: “‘Keketseho e hōlang kapele’ ea mesebetsi ea ho leleka meea e khopo le mesebetsi ea ho loantša Satane e hlahelletse pooaneng nakong ea likhoeli tse ’maloa tse fetileng Italy, haholo-holo Turin, moo mok’hadinale Anastasio Ballestrero a sa tsoa khetha batho ba tšeletseng ba bacha ba lelekang bademona.” Ho entseng hore taba eo e pharalle ka lefatše lohle, koranta ea letsatsi le letsatsi ea Paris International Herald Tribune e ile ea ngola: “Thahasello ea boteng ba Satane Turin ke karolo feela ea puisano e pharalletseng ka hare ho Kereke ea Roma e K’hatholike ka bokhopo bo mothofalitsoeng boo ho buuoang ka bona ka ho fapa-fapana ka Mangolong le thutong ea kereke e le ‘morena oa lefatše lena,’ ‘matla a lefifi,’ ‘noha ea khale,’ ‘moetselletsi.’”
Setho sa Mokhatlo oa Fora oa Thuto Jean Dutourd o ile a ngola litlhaloso tse ling tse thahasellisang ka lipelaelo tsa kajeno ka boteng ba Satane—bo belaelloang le ke babishopo ba K’hatholike. O ile a ngola tjena koranteng ea letsatsi le letsatsi ea Sefora L’Est-Républicain: “Mehleng ena tumelo ho Molimo ke ntho e sa amoheleheng, empa e ka mamelloa. Leha ho le joalo, tumelo ho Diabolose e talingoa e le bohlanya bo felletseng. Ho bitsoa ha lebitso Satane feela . . . ho qabola barutehi ka ho fetisisa, bo-ralichelete, bo-ralipolotiki, ’me hape, ntle ho pelaelo, le babishopo ba bangata haholo. Ho tšeha ha bona ho ntse ho tsoela pele ho ’makatsa hobane ho ne ho tla bonahala eka Diabolose o ’nile a talimana le rōna ka ho khethehileng ho tloha ka 1914.”
Haeba Mok’hatholike, ho akarelletsa baruti ba bang, ba hloka ho hopotsoa ke mopapa le ba bang hore Satane ka sebele o teng, na hase hobane kereke ka makholo-kholo a lilemo e ’nile ea hatisa haholo neano, filosofi, le lithuto tse se nang bopaki tsa mahlale ho feta Bibele?
Ho boletsoeng ka holimo ka 1914 ka sebele ho loketse. Selemo seo boprofeteng ba Bibele se tšoailoe e le qaleho ea ‘mehla ea qetello’ ha Diabolose, e le “morena oa lefatše,” a etsa boiteko ba hae ba ho qetela ba ho senya batho bohle. (2 Timothea 3:1; Johanne 14:30) Ho joalokaha phetolelo ea Bibele ea K’hatholike e bolela: “Tlokotsi e-ea tla—hobane diabolose o theohetse ho lōna ka khalefo, ka ho tseba hore o saletsoe ke nako e fokolang.” Mak’hatholike a tiileng a etsa hantle ha a amohela bopaki ba Bibele. Hobane’ng? Hobane maemo a lefatše kajeno a paka hore “’muso oa Molimo o haufi.”—Tšenolo 12:7-12; Luka 21:25-31, The New Jerusalem Bible.
Kaha ’muso oo o tšepisa ho felisa bokhopo bohle le ba bo bakang, ho felisoa ha Diabolose le batšehetsi ba hae ho atametse. Leha ho le joalo, ke feela batho ba tsebang hore Diabolose o teng ba ka emang khahlanong le bobusi ba hae ’me ba tšepa hore ba tla pholoha. Joang? Eseng ka ho leleka bademona empa, ho e-na le hoo, joalokaha moapostola Pauluse a ngotse, ka ho apara “lihlomo tsohle tsa Molimo.” E, Lentsoe la Molimo le hlakile: “Le hanele Diabolose, ’me o tla le balehela.”—Ba-Efese 6:11-18; Jakobo 4:7.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Diabolose le bademona ba hae ba lihetsoe lefatšeng.—Tšenolo 12:9, 12
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
Picture Book of Devils, Demons and Witchcraft/Ernst le Johanna Lehner/Dover