Na u sa Hopola?
Na u fumane litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa e le tsa bohlokoa bo sebetsang ho uena? Joale ke hobane’ng ha u sa hlahlobe matla a hao a ho hopola ka lintlha tse latelang?
◻ Jesu o ne a bolela eng ha a re ha ho motho eo e ka bang morutuoa oa hae haeba “a sa hloee ntat’ae, le ’m’ae, le mosali oa hae, le bana ba hae, le banab’abo, le bo-khaitselie, le bona bophelo ba hae”? (Luka 14:26)
Jesu o ne a sa bolele hore e mong oa barutuoa ba hae o lokela hore ka ho toba a hloee beng ka eena kapa bophelo ba hae. Ho e-na le hoo, o ne a bolela hore morutuoa o tlameha ho mo rata ho feta kamoo a ratang ba bang kapa bona bophelo ba hae kateng.—1/1, leqephe 8.
◻ Ke lintlha life tse tharo tsa motheo tse ’nileng tsa tlatsetsa katlehong ea mosebetsi oa Lipaki oa boromuoa, nakong e fetileng le hona joale?
E ’ngoe ke ho ikopanya le batho ka ho toba mahaeng a bona. E ’ngoe ke molaetsa oa ’Muso o tobileng le o bonolo o theiloeng Bibeleng. Ea boraro ke lerato le kang la Kreste le bontšoang ke baromuoa ha ba sebelisana le batho.—1/1, leqephe 14.
◻ Ke hobane’ng ha ka nakoana Molimo o ile oa phaella ka selekane sa Molao selekaneng sa Abrahama?
Selekane sa Molao se ne se paka hore Baiseraele e ne e le baetsalibe ba hlokang moprista oa ka ho sa feleng le sehlabelo se phethahetseng. Se ne se lisitse lesika la Peō ’me se thusa ho khetholla hore na Peō eo ke mang. Se ne se boetse se bontša hore ka tsatsi le leng Molimo o ne o tla ba le sechaba sa marena le baprista.—2/1, leqephe 16.
◻ Ke lilekane life tse supileng tsa Molimo tse tsoelang pele tse lebisang litlhohonolofatsong tse sa feleng ho rōna bohle?
Selekane sa Edene, selekane sa Abrahama, selekane sa Molao, selekane sa moprista ea kang Melkisedeke, selekane sa ’Muso oa Davida, selekane se secha, le selekane sa ’Muso.—2/1, leqephe 19.
◻ Na liphapang tse likete-kete tsa libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho li nyenyefatsa ho ipolela ha Bibele hore ke Lentsoe la Molimo?
Che. Liithuti tsa Bibele li re bolella hore hoo e batlang e le liphapang tsena tsohle li na le bohlokoa bo fokolang tabeng e ngotsoeng. Li sebeletsa feela ho matlafatsa bopaki ba bonnete ba Mangolo. (Pesaleme ea 119:105; 1 Petrose 1:25)—2/1, leqephe 29, 30.
◻ Lentsoe “agnostic” le tsoa hokae, ’me le sebelisoa joang ka Bibeleng?
“Agnostic” e tsoa lentsoeng la Segerike aʹgno·stos, le bolelang “se sa Tsejoeng.” Pauluse o ile a sebelisa mofuta oa lona puong ea hae e neng e ea ho Baathene ha a bua ka aletare ea bohedene e neng e nehetsoe “Ho Molimo o sa tsejoeng.” (Liketso 17:23)-2/15, leqephe 5.
◻ Re lokela ho itšoara joang haeba tataiso e itseng ea Mangolo e ka ’na ea bonahala e ka hlalosoa ka maikutlo a fapaneng?
Re lokela ho bontša karabelo ea boikokobetso e ileng ea bontšoa ke Bakreste ba mehleng ea pele, re amohele liqeto le tsamaiso tsa phutheho ea Molimo. (Liketso 15:6-29)—2/15, leqephe 20.
◻ Jesu o ne a bolela eng ha a re: “Iketsetseng metsoalle ka matlotlo a sa lokang; hore, etlere mohla a hlokahalang, ba le amohele meahong e sa feleng”? (Luka 16:9)
Re lokela ho etsa ka matla ho sebelisa leruo leha e le lefe lee re nang le lona ho tšehetsa lithahasello tsa ’Muso ’me ka tsela eo re hlaolele botsoalle le Jehova le Mora oa hae. Ke bona feela ba ka re fang meaho leholimong kapa lefatšeng la paradeise ha maruo a lintho tse bonahalang a hlōleha kapa a fela.—3/1, leqephe 9.
◻ Ke lintho life tse tharo tse hlokahalang ho rōna haeba re tla fumana molemo temohong eo Jehova a fanang ka eona?
Re hloka ho ananela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova; re tlameha ho ithuta Lentsoe la Molimo ka mehla le lithuso tse fanoang, tse re nolofaletsang ho le utloisisa; ’me re tlameha ho thuisa ka see re ithutileng sona le ho bona hore na re ka se sebelisa joang bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi.—3/15, leqephe 14.
◻ Ke hobane’ng ha batho ba boholo-holo ba Iseraele ba ile ba itšoara ka ho hloka temoho ho tšabehang haholo?
Ba ile ba hlōleha ho nahanisisa ka kananelo ka lintho tsohle tseo Jehova a neng a ba etselitse tsona. (Pesaleme ea 106:7, 13)—3/15, leqephe 17.
◻ Ke eng se emeloang ke “makhotla a ba kaletseng” ao ho buuoang ka ’ona ho Tšenolo 9:16?
Lipere tsena tsa tšoantšetso ha li emele feela masala a ntseng a qepha ka lenane empa hape le “bongata be boholo ba batho” ba “linku tse ling” bo ntseng bo hōla le bo matla. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16)—4/1, leqephe 19.