‘Thuto ea Boitšoaro ea Motheo’
Ngoanana ea lilemo li 14 oa Nigeria, Afrika Bophirimela, o leboha hore e be o fumane thuto e joalo bukeng ea Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. O-oa ngola:
“Buka ena ke mosebetsi o fetisang ka botle, e thusa haholo, e na le ’nete, ea tsoteha le ho thabisa. Ka sebele e tla ba thuso e khōlō ho mang le mang ea sekametseng ho tataisoa ka polokeho har’a lintho tse sa rateheng tsa sebe tse teng bophelong.
“Ke bontšitse bao ke kenang sekolo le bona le baahelani ba ka buka ena. E mong le e mong ea e balang o babatsa lipapiso tsa lōna tse hlollang tse ‘hahang tsebo’ le lihlooho tseo ho buuoeng ka tsona ka bukeng ena. Re na le maikutlo a hore linnete tse boletsoeng ka bukeng ena li ke ke tsa beha leseling kapa ho fana ka bohlale le melao-motheo e hlokahalang ea boitšoaro e bonolo feela, empa li ne li ka fana ka litataiso tse molemo ho bacha le batho ba baholo ba laba-labelang ho thabela khotso ea ’nete ea kelello le bophelo ba ’mele, ba neng ba tla bontša boitšoaro le ho bontša matla bakeng sa se lokileng. . . .
“Ka holimo ho tsohle, buka ena ho bonolo haholo ho e utloisisa ’me e tletse ka thuto ea motheo ea boitšoaro ba botona le botšehali e ka ’nang ea se ke ea fumanoa ho batsoali ba bangata kapa matichere . . . Ke lakatsa haholo hore eka buka ena e ne e tla hlahisoa likolong bakeng sa lithuto tsa letsatsi le letsatsi tsa sehlopha, ka tebello ea ho ba le bophelo bo nang le khotso haholoanyane, bo ratehang, bo nang le litholoana le bo nang le moelelo.”
Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona e arabela lipotso tse kang, Ke hobane’ng ha bacha ba lokela ho ithuta sekolong? Ba lokela ho nka batsoali ba bona joang? Na ba lokela ho ba le likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo? le Na ba lokela ho noa lino tse tahang? Fumana kopi ka R2 feela ka ho tlatsa le ho romela setlankane sena.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata, e maqephe a 192 Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. Ke kentse R2.