Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 10/1 leq. 31
  • AIDS—‘Na ke Qaleho ea Boitšoaro bo Bocha’?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • AIDS—‘Na ke Qaleho ea Boitšoaro bo Bocha’?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 10/1 leq. 31

AIDS—‘Na ke Qaleho ea Boitšoaro bo Bocha’?

KA MOR’A ho bontša hore ngaka ea sekhooa e ne e boletse hore ‘kamano e pakeng tsa balekane ba babeli feela’ ke eona feela tsela ea ho qoba ho tšoaetsoa AIDS ka likamano tsa botona le botšehali, mongoli e mong oa mohlophisi oa Canada oa botsa: “Na ekaba AIDS e tšajoang haholo ke qaleho ea boitšoaro bo bocha ka ho felletseng lefatšeng la rōna?” Mongoli o ne a ipotsa hape hore na hase ho “makatsang” hore seo Bibele e se rutileng ka lilemo-lemo, ka ho khetheha, ho ba le molekane a le mong, “ekaba joale e se e le taba e hlokahalang bakeng sa ho pholoha ha batho.” Ha a bua hape ka lefatše la kajeno la “lithethefatsi, koae, joala ’me ho hoholo ka ho fetisisa, tšusumetso e fetelletseng ea botona le botšehali,” mohlophisi o re: “Joale rea lefa bakeng sa lefatše la libuka tsa boitšoaro bo bobe, la botekatse, le silafetseng leo re le hlahisitseng.”

Le hoja ho le hotle hore re tšepe hore boitšoaro bo tla ntlafala ’me batho ba tla pholoha, na ke feela tšabo ea lefu le tlang pele ho nako kapa ho fela ha batho e tla hlahisa “boitšoaro bo bocha ka ho felletseng”? Che, hobane ho sa tsotellehe litemoso tse tsoang ho lingaka le bafuputsi, batho ba bangata ba tsubang le ba noang joala haholo ka booatla ba tsoela pele ho senya bophelo ba bona, ba etsa hore bophelo ba bona bo fele pele ho nako. ’Me basodoma ba bang ba boletse hore ba tla tsoela pele ho ba le balekane ba bangata le hoja ba le kotsing ea ho tšoaetsoa AIDS.—Liproverbia 10:21, 23.

Joale, ke eng eo ka nepo e tla thibela ho etsa se fosahetseng? Ka sebele, ke tšabo e ntle le tlhompho ho Jehova, e bontšoang ka ho utloa melao ea hae ea boitšoaro. “Ho tšaba Jehova ke motheo oa tsebo.” ’Me tsebo ea mofuta ona e hlahisa bohlale boo kannete bo ‘phelisang ba bo ruileng.’—Liproverbia 1:7; Moeklesia 7:12.

Ho thahasellisang, mohlophisi, ka ho hlokomela hore AIDS e ka tšoaetsanoa ka tšelo ea mali, o ile a boela a botsa: “Na hase ho makatsang hore rōna ba ’nileng ba nyatsa Lipaki tsa Jehova pepenene ka baka la ho hana litšelo tsa mali . . . joale re ka ’na ra etsa ntho e tšoanang ka mabaka a mang?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela