“Ha e hlathe koana le koana”
Ho hōla linakong tsena tse tletseng likhathatso ha ho bonolo. Bacha ba tobana le maemo a mangata a macha ’me ba tlameha ho etsa liqeto tse boima. Na ke lokela ho noa? Ho amohela lithethefatsi? Boitšoaro bo loketseng ke bofe ha ke e-na le motho e motona kapa e motšehali ho fapana le ’na? Bacha ba hloka likarabelo tse sebetsang, tse sa hlatheng koana le koana. Ha a bala buka e ncha Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, mocha e mong oa Greensboro, Carolina Leboea, o ile a ngola tjena:
“Buka ena e akarellelitse ho hongata haholo ’me e na le mehlala e metle bothateng bo bong le bo bong. Hang ha u qala ho e bala, u ke ke ua e beha fatše ho hang, likhaolo li thahasellisa haholo. Ha e hlathe koana le koana, kamoo ho ka boleloang ka teng, empa e fana ka likarabelo tse tobileng bothateng.
“Ka holim’a tsohle, buka ena e tsoteha ka ho ke keng ha qojoa, e na le ’nete, ea babatseha, . . . ho hang mantsoe a ke ke a hlalosa kamoo buka ena e hlollang ka teng. Ke ne ke tla khothalletsa buka ena ho bohle, ka ho khetheha bacha.”
Iphumanele buka ena e ncha, e nang le litšoantšo tse hohelang ka ho tlatsa le ho romela setlankane sena. Ke R3,75 feela.
Ka kōpo nthomelleng, buka e maqephe a 320, e sekoahelo se thata Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Ke kentse R3,75.