Ho Fumana Thabo—Empa Hokae?
JESU o itse: “Ho thabile ba seli ka tlhoko ea bona ea moea.” (Mattheu 5:3, NW) Ngoanana ea tšepahalang Bochabela bo Hare o ne a le seli ka tlhoko ea hae ea moea ’me o ne a batla ho thabisa Molimo. Qetellong o ile a fumana thabo—empa hokae? O tla re hlalosetsa.
“Ke hōliselitsoe lelapeng la Bok’hatholike la Maronite. Rōna bana re ile ra rutoa ho rapela ka pel’a liemahale mantsiboea a mang le a mang, ’me ho tloha bonyenyaneng ke bile le takatso ea ho sebeletsa Molimo.
“Ha ke le lilemo li 17, ke ile ka etsa selekane sa ho ba moitlami ka ho nahana hore ena ke tsela ea ho khotsofatsa takatso ea ka. Leha ho le joalo, ke ile ka bona lintho tse ngata har’a baitlami tse ileng tsa ntšoenya. Ba ne ba sebana. Liithuti li ne li sa fuoe lijo tse lekaneng, ha baitlami bona ba ja hamonate. Ho ne ho na le boitšoaro bo bobe mahareng a baitlami le baprista. Ka masoabi a maholo, ke ile ka tloha lehaeng la baitlami ka mor’a likhoeli tse robong ’me ka khutlela hae.
“Ke ne ke sa ntse ke na le lipotso tse ngata tse sa arabeloang, ’me ha ke ne ke sa fumane likarabo tsa tsona tse khotsofatsang, ke ile ka fihla ntlheng eo ke sa tsotelleng bolumeli. Joale, ka 1982, ha ke ne ke le lilemo li 22, moena oa ka le khaitseli ba nama ba ile ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. ’Na le batsoali ba ka re ile ra ba hanyetsa. Moena oa ka o ile a hlōrisoa haholo, a otloa, le ho kenngoa teronkong ka lebaka la tumelo ea hae e ncha. Leha ho le joalo, se ileng sa nkhahla ebile liphetoho tse khōlō tseo a ileng a li etsa bophelong ba hae. Ho feta moo, o ile a fana ka likarabo tsa Bibele tse nang le kelello lipotsong tseo ke ’nileng ka li botsa ka nako e telele. Kahoo ka lekunutu ke ile ka qala ho ipalla Bibele bosiu.
“Ka letsatsi le leng ke ile ka ea bona kopano ea Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka khahloa ke lerato le bontšoang moo. Ho ne ho se phapang mahareng a barui le mafutsana. Lipaki li phela tumellanong le seo li se rutang. Ke ne ke kholisehile hore li na le ’nete.
“Hang ka mor’a kopano, ke ile ka kōpa e mong oa Lipaki tsa Jehova ho ithuta le ’na. Ke ile ka ’molella hore ke batla ho ithuta feela, eseng ho ba teng libokeng kapa ho ea boboleling. Leha ho le joalo, kapele ke ile ka hlokomela hore ke ithuta ’nete. Ke ile ka rapela le ho etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova. Ka la 28 Mphalane, 1983, ’na, moena oa ka le khaitseli, re ile ra kolobetsoa. Joale ke ne ke fumane tsela ea ho khotsofatsa takatso ea ho sebeletsa Molimo eo ke bileng le eona ho tloha bonyenyaneng.
“Likhoeli tse peli ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka qalisa ka bopula-maliboho bo thusang, ’me likhoeli tse robeli hamorao ke ile ka ba pula-maliboho oa ka mehla. Selemo le likhoeli tse tšeletseng hamorao, ke ile ka memeloa ho sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e bitsoang Bethele, moo ke sebelitseng motheong oa nakoana lilemo tse peli. Ke ile ka khahloa ke boikokobetso bo neng bo bontšoa ke e mong le e mong moo. Esita le baena ba nang le boikarabelo bo boholo ba ne ba kopanela mosebetsing oa ho hlatsoa lijana ka mor’a lijo tsa mantsiboea.
“Ka la 14 Tlhakubele, 1988, ke bile setho sa nako e tletseng sa lelapa la Bethele. Ebile thabo e kaakang! E, ke ne ke fumane thabo. Hokae? Har’a Lipaki tsa Jehova tse inehetseng! Joale ke ikutloa joaloka mopesaleme ea itseng: ‘Hobane tsatsi le le leng le luloang mabaleng a ntlo ea hao, le fetisa matsatsi a mang a sekete a luloang hosele.’”—Pesaleme ea 84:10.