Ha Lefu le Nka Moratuoa oa Hao
“KA 1981 ’mè o ile a bolaoa ke kankere. E ne e le ’mè oa ka ka khōliso. Lefu la hae le ile la re ama habohloko haholo, ’na hammoho le khaitseli ea ka ka khōliso. Ke ne ke le lilemo li 17, ’me khaitseli ea ka e ne e le lilemo li 11. Ke ne ke hloloheloa ’mè haholo. Ke ne ke hōlisitsoe ke le Mok’hatholike, ’me kaha ke ne ke rutiloe hore o leholimong, ke ne ke batla ho felisa bophelo ba ka hore ke e’o ba ’moho le eena. E ne e le motsoalle oa ka e moholo ka ho fetisisa.”—Roberta, ea lilemo li 25.
Na u kile ua ba le phihlelo e tšoanang? Haeba ho joalo, u tseba ka ho toba bohloko bo tsamaeang le ho lahleheloa ke moratuoa oa hao. Ho bonahala e le ho hloka toka hore lefu le be le matla a ho nka motho eo u mo ratang. ’Me ha hoo ho etsahala, khopolo ea hore ha ho mohla u tla khona ho boela u bua le moratuoa oa hao, ho tšeha le eena kapa ho mo tšoara e ka ba thata ka ho fetisisa ho e mamella. ’Me joalokaha mantsoe a Roberta a bontša, bohloko boo ha bo tlosoe ke ho bolelloa hore moratuoa oa hao o holimo leholimong.
Leha ho le joalo, u ne u tla ikutloa joang haeba u ne u tseba hore ho ka khoneha hore u boele u kopanngoe le moratuoa oa hao ea shoeleng nakong e tlang e haufinyane, che, eseng leholimong empa hona mona lefatšeng tlas’a maemo a khotso, a lokileng? Hape ho thoe’ng haeba u ne u ka boela ua tseba hore ka nako eo batho ba tla ba le tebello ea ho thabela bophelo bo phethahetseng le hore ha ho mohla ba tla tšoanela ho shoa? U ka ’na ua re: ‘Ruri eo ke takatso e inahaneloang!’
Empa, morao koana lekholong la pele la lilemo C.E., Jesu Kreste o ile a bolela ka sebete: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela.” (Johanne 11:25) Eo e ne e le tšepiso ea hore bafu ba tla phela hape—ka sebele ke tebello e thabisang!
Leha ho le joalo, mohlomong ua ipotsa: ‘Na ho na le motheo o utloahalang oa ho lumela tšepiso e joalo? Nka kholiseha joang hore hase takatso feela e inahaneloang? ’Me haeba ho na le motheo oa ho e lumela, phethahatso ea tšepiso ee e ka ’na ea bolela eng ho ’na le baratuoa ba ka?’ Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena le tse ling.