Bopaki ba Khanya ea Salomone
HO LATELA tsela ea Bibele ea ho bala nako eo liketsahalo li etsahetseng ka eona, Morena Salomone o busitse Iseraele ho tloha ka 1037 B.C.E. ho ea ho 998 B.C.E. Ka ho thahasellisang, buka The Archaeology of the Land of Israel, ea Moprofesara Yohanan Aharoni, e senola kamoo khatelo-pele e khōlō tsoelo-peleng ea Iseraele e ileng ea etsahala “hoo e ka bang ka 1000 B.C.E.”
Mohlala o mong o fanoang ke Aharoni ke bopaki ba marako a motse a tiileng a ahuoeng ka majoe a maholo “a betliloeng ka libōpeho tse nang le mahlakore a mane ao ho ’ona a mabeli a bapileng a lekanang, a hahelletsoeng ’moho ka nepo.” Ka ho fapaneng, linaheng tse ahisaneng le Iseraele, likarolo tse itseng tsa marako a motse “li ne li entsoe ka setene le lepolanka.”
Ho phaella moo, metse e tsosolositsoeng hoo e ka bang nakong ea Salomone e fana ka bopaki ba ho raloa ka hloko, ka mekoloko e makhethe ea matlo le literata tse raliloeng ka hloko. Aharoni o lokolisa lithako tsa “litoropo tse ’nè Juda tse ahuoeng ho latela moralo o tšoanang oa motheo . . . Beerseba, Tell Beit Mirsim, Bethe-Shemeshe, le Mitspa.” Hona ho fapana hakaakang le setsi se seng se seholo sa tsoelo-pele—motse oa pejana oa Mesopotamia oa Ure! Mabapi le ’ona, Monghali Leonard Woolley o ngotse: “Ha hoa ka ha e-ba le boiteko ba ho rala toropo eo . . . Literata tse se nang litsela tse betliloeng, tse ngata ho tsona e le tse sa hlahelleng ka ’ng̀ane . . . li ne li le matsoeli-ntsoeke a ferekanyang hoo ho neng ho ka ba bonolo hore motho a lahleheloe ke tsela.”
Aharoni o boetse o hlalosa ho ntlafala ha lisebelisoa tsa ka tlung hoo e ka bang nakong ea puso ea Salomone. “Ho fetoha ha tsoelo-pele ea lintho tse bonahalang . . . ha ho hlokomelehe feela thepeng e mabotho-botho empa haholo-holo ho boetse ho hlokomeleha mosebetsing oa ho bōpa lipitsa tsa letsopa . . . Boleng ba lipitsa tsa letsopa le ho besoa ha tsona ho ile ha ntlafala haholo . . . Ka tšohanyetso ho ile ha hlaha phepelo e enneng ea lijana tsa mefuta e fapa-fapaneng.”
Tšobotsi e khanyang ka ho fetisisa ea puso ea Salomone e ne e le tempele e khanyang, ntlo ea borena, le mehaho ea ’muso Jerusalema. Ho ile ha sebelisoa tekanyo e khōlō ea khauta ho khabisa mehaho ena. (1 Marena 7:47-51; 10:14-22) Lilemo tse hlano ka mor’a lefu la Salomone, Faro Shishake oa Egepeta o ile a tla ’me a amoha Jerusalema letlotlo la eona.—1 Marena 14:25, 26.
Egepeta le Palestina, mantsoe a ngotsoeng linthong tsa khale tse epollotsoeng a tiisa hore ka sebele Shishake o ile a hlōla Iseraele. Ha e le hantle, bo-rahistori ba bangata ba lumela hore ho hapa ha Shishake Jerusalema ka likhoka ho ile ha tsosolosa moruo oa Egepeta o fokolang ’me ha nolofalletsa Shishake hore a tšehetse ho atolosoa ho hoholo ha tempele ea Egepeta ka lichelete moo a ileng a tlaleha tlhōlo ea hae teng, joalokaha ho bonoa setšoantšong se leqepheng lena. Shishake o ile a shoa nakoana ka mor’a moo, ’me mantsoe a mang a ngotsoeng a tlaleha hore mora oa hae o ile a fana ka litone tse ka bang 200 tsa khauta le silevera litempeleng tsa Egepeta. Mantsoe ao a ngotsoeng ha a senole hore na mohloli oa leruo lena ke ofe, empa bukeng ea hae Treasures From Bible Times, moepolli oa lintho tsa khale Alan Millard o hlahisa hore “boholo ba lona e ne e le khauta eo Shishake a neng a e nke Tempeleng ea Salomone le tlung ea borena Jerusalema.”
Hase ho makatsang hore ebe buka e fanang ka boitsebiso ea batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng e lumela hore puso e khanyang ea Salomone ke ntho ea sebele! Bol’shaia Sovetskaia Entsiklopediia (Buka e Khōlō ea Boitsebiso ea Soviet), tlas’a sehloohoana sa eona “Salomone,” e ’mitsa “’musi oa ’muso oa Iseraele le Juda,” e phaella ka hore o busitse nakong ea “ho ba sehlohlolong ha ’muso oo.”