Ho Hlophisetsoa ho Sebeletsa Molimo
Monna e mong oa Mexico oa ngola: “Ke bile ka har’a malumeli le lihlotšoana tsa bolumeli tse fapa-fapaneng. Empa ha ke e-s’o bone tlhophiso e joalo.” Monna eo o ne a qeta ho bala bukana e boholo ba makasine Lipaki tsa Jehova Li Etsa Thato ea Molimo li Kopane Lefatšeng ka Bophara. O hlalositse: “Se nkhahlang ka ho fetisisa ke ho nka litaba ka ho teba hoo ka hona le phethang thōmo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka ntlo le ntlo, mosebetsing, seterateng, le libeseng. Hoa babatseha ho fumana batho ba nkang ho etsa thato ea Molimo ka ho teba mehleng ena ea boikaketsi bo bongata hakana bolumeling.”
Ithute seo Lipaki tsa Jehova li se lumelang, kamoo li hlophisitsoeng kateng, le kamoo mokhatlo oa tsona o hlophisitsoeng o sebetsang kateng lefatšeng ka bophara. Kōpa ho romeloa libukana tse peli tse boholo ba makasine tse maqephe a 32 Lipaki tsa Jehova Li Etsa Thato ea Molimo li Kopane Lefatšeng ka Bophara, le Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo.
Ke tla thabela ho amohela libukana tse peli tse boholo ba makasine Lipaki tsa Jehova Li Etsa Thato ea Molimo li Kopane Lefatšeng ka Bophara, le Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufinyane ho fumana boitsebiso. Bona leqephe 2.)