“Litaelo Tsa ho Hōlisa Ngoana ea Thabileng le ea Atlehileng”
TLAS’A sehlooho sena, makasine Medical Aspects of Human Sexuality e ile ea phatlalatsa taba eo ho eona Ngaka Irene Jakab, moprofesa oa univesithi oa mafu a kelello, a ileng a totobatsa seo a ikutloang hore sea hlokahala hore ngoana a tle a hōlisoe hore e be motho e moholo ea atlehileng. Har’a tse ling tsa “litaelo” tsa hae e ’ngoe e ne e le tlhokahalo ea hore batsoali ba rate ngoana oa bona, ba mo tataise ho se nepahetseng le se fosahetseng, le ho mo koetlisetsa ho etsa liqeto. O ile a ikutloa hore ka sebele “litaelo” tseo ha lia lokela ho kopanyelletsa ho phakisa ho halefa ka lehlakoreng la batsoali, ho lebella phetheho, ho tšoenyeha ho tlōtseng, kapa ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
“Litaelo” tsa Ngaka Jakab li utloahala haholo ho fihlela moo li fellang teng. Ka sebele, lilemong tse likete tse fetileng, Bibele e ile ea fana ka keletso e tšoanang ho batsoali. (Ka mohlala, bona Liproverbia 4:1; 13:24; 22:6; Ba-Kolosse 3:21.) Leha ho le joalo, Bibele e kopanyelletsa ho hong hoo Moprofesa Jakab a ho siileng: bohlokoa bo boholo ba ho ruta bana ho rata ’Mōpi oa bona le ho tseba Lentsoe la hae. Moapostola Pauluse o ngotse: “Lōna bo-ntat’a bana, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le ba hōlise ka taeo le monahano o laoloang ke Jehova.”—Ba-Efese 6:4, NW; Deuteronoma 6:4-7.
Ka ntle ho koetliso e joalo, bana ba ka ikhōlela feela ka ntle ho setšehetso sa boitšoaro. Phello e ka ba tlokotsi lefatšeng lena le hlokang boitšoaro le le bolileng.