Lefatše le Lecha le Haufi!
HO NA le litlhahiso tse ngata tsa ho phekola mafu a lefatše. Ka kakaretso, li hloka kameho le tšebelisano-’moho, hammoho le boiteko bo boholo bo kopanetsoeng ke lichaba tsohle lefatšeng ka bophara. Ho na le boikutlo ba hore ha maemo a ntse a mpefala, tlhokahalo ea ho sireletsana e tla qobella lichaba ho boela li rera lintho tseo li li talimang e le tsona tsa bohlokoahali le ho sebetsa hammoho ho bōpa lefatše le lecha le le ka bolokoang boemong boo. Ho nahanoa hore chelete ea sesole e tla fokotsoa haholo e le hore ho sebelisoe chelete eo bakeng sa ho sebetsana le lintho tse sokelang tikoloho le hore, joalokaha State of the World 1990 e boletse, “ho fapana le ho boloka litsi tsa eona tse khōlō tsa tšireletso, mebuso e ka ’na ea fihlela moo e tšepang lebotho la poloko ea khotso la Machaba a Kopaneng le ekelitsoeng haholo le bileng le matlafalitsoeng, le tla ba le matla le taolo bakeng sa ho sireletsa naha leha e le efe eo e leng setho khahlanong le e e hlaselang.”
Empa merero e joalo e hlōleha ka ho felletseng ho tlisa maemo a laba-labeloang a thathamisitsoeng maqepheng a rōna a qalang. Ha ho kamoo mahlale a batho feela a ka phekolang boetsalibe le meharo ea batho; ha a felise leeme le toantšano ea lichaba; ha a hlahise lerato le se nang boithati har’a batho bohle; leha e le hona ho fana ka tiiso ea ho felisa boloetse le lefu. Tlōlo ea molao ha e loantšoe ka katleho, ebile ha ho polelo leha e le efe ea ho hlōla liphapang tsa bolumeli le lehloeo. ’Me ho felisa likoluoa tsa tlhaho hase ho ka nahanoang. Bochaba, hammoho le matla a bona a ho baka mathata, bo lumelletsoe hore bo ’ne bo be teng. Joale ka masoabi, re tlameha ho etsa qeto ea hore batho ba hlōlehile ho hlahisa tharollo e sebetsang.
Empa, ho na le tharollo! Ka sebele, lintho tsena tsohle tse laba-labeloang ke batho li tšepisitsoe ’me tšepiso eo e hlaha ho Molimo “o sa thetseng.” (Tite 1:2) O tseba hantle se tlamehang ho etsoa, ’me o na le bohlale, matla, ebile o ka khona ho phethahatsa seo o se rerileng.—Tšenolo 7:12; 19:1.
Molimo oa tšepisa: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo; empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:10, 11.
See se tla phethahatsoa joang? Esaia 11:9 ea arabela: “’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.” E, batho bohle ba tla rutoa “tsebo ea Jehova,” ’me batho leha e le bafe ba hanang ho ipapisa le seo ba ke ke ba lumelloa hore ba ’ne ba be teng le ho senya khotso ea ba bang. Lefatše la rōna le letle ha le sa tla hlola le senngoa.
Pesaleme ea 46:8, 9 ea tšepisa: “Tlong, le bohe liketso tsa Jehova . . . O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Bona le Mikea 4:3, 4.) Ntlha ea bohlokoa ho bōpeng khotso ea lefatše lohle ke ho felisa liphapang tsa lichaba. Ho fanoe ka tiiso ea hore tšebelisano-’moho e tla ba teng, hobane ho tla ba le puso e le ’ngoe feela lefatšeng lohle—e leng ea Molimo. ’Me puso ea hae ke ’Muso “o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae.” (Daniele 2:44) Ho feta moo, Morena oa oona ke Jesu Kreste ea tsositsoeng, ea sa shoeng, eo puso ea hae e tla ba ea toka le ho loka.—Esaia 9:6, 7; 32:1.
Empa na see se tla senngoa ke ho se phethahale ho futsitsoeng ha motho le bohloko bo tsoelang pele, ho kula, masoabi, le lefu? Che, Hobane tsena le tsona e tla be e se e le lintho tsa nakong e fetileng. Tšenolo 21:4 ea re tiisetsa: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” Sebe se futsitsoeng se tla tšoareloa motheong oa sehlabelo sa topollo sa Jesu, ’me batho ba tla khutlisetsoa boemong ba ho ba ba phethahetseng. (Ba-Roma 6:23; Ba-Efese 1:7) ’Me ke mang ea ka laolang matla a tlhaho hamolemonyana le ho a boloka a sa ntše batho kotsi haese ’Mōpi oa bona?—Pesaleme ea 148:5-8; Esaia 30:30.
Lintho tseo motho a ka li lakatsang le ho li lora feela, Molimo o tla fana ka tsona. Empa neng? Boprofeta ba Bibele bo bontša hore liphetoho tsena li ne li tla hlaha nakong ea ha lichaba li “halefile” ’me batho ba ‘senya lefatše.’ (Tšenolo 11:18) Matsatsi a qetello a lefatše la khale a ne a tla tšoauoa ka “linako tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona”—tse tlisang maemo a ntseng a mpefala ao re a bonang a re pota-potile hona joale. (2 Timothea 3:1-5, 13, NW) ’Me Jesu o ile a bolela esale pele hore moloko o bonang lintho tse joalo e ne e tla ba oona moloko o tlang ho bona phethahatso ea litšepiso tsa Molimo.—Mattheu 24:3-14, 32-34.
Iphe nako ea ho hlahloba litšepiso tseo tse tlalehiloeng ka Bibeleng. Hobane ntlheng ena, batho ba nang le tsebo le Molimo baa lumela: Hona joale ke nako ea lefatše le lecha!