Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 11/15 leq. 32
  • Nako e molemohali ea bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nako e molemohali ea bophelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 11/15 leq. 32

Nako e molemohali ea bophelo

Mocha e mong oa Nigeria, Afrika Bophirimela, haufinyane o ile a ngola: “Pele, ke ne ke nahana hore nako ea bocha ke nako e thata ka ho fetisisa ea bophelo ba motho le hore lilemo tse thabisang ka ho fetisisa ke lilemo tsa ha motho e se e le ntate kapa ’mè kapa ha e se e le motho e moholo.”

Empa joale mocha enoa oa Afrika o ile a amohela kopi ea buka Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. O ile a ngola: “Ke le leboha haholo. Buka ena e nthusitse ka litsela tse ngata haholo.” O ile a phetha ka hore: “Hona joale, ka mor’a ho bala buka ena, kea hlokomela hore bocha ke eona nako e molemohali.”

Bacha ba hōlang linakong tsena tse tšoenyang ba talimana le maemo a mangata a macha ’me ba tlameha ho etsa liqeto tse boima. Na mocha o lokela ho tsuba kapa ho amohela lithethefatsi? Ke boitšoaro bofe bo nepahetseng ha a na le motho e motona kapa e motšehali ho fapana le eena? Ho thoe’ng ka ho pholla litho tsa botona le botšehali le bosodoma?

Liqeto tse fosahetseng li ka lebisa masisa-pelong le matšoenyehong a mefuta eohle. Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona e tšohla lipotso tsohle tse ka holimo le tse ling tse ngata. Haeba u ka rata ho amohela kopi ena, ka kōpo tlatsa u be u romele setlankane sena.

Ke rata ho amohela buka e sekoahelo se thata e maqephe a 192 Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufinyane ho fumana boitsebiso. Bona leqephe 2.)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela