Lipale tsa Bibele tse Hapang Bana
Setho [sa monna] sa phutheho ea Boprostanta e Puerto Rico se ile sa ngolla Mokhatlo oa Watch Tower: “Ke mosuoe oa bana sekolong sa Bibele. Selemong se fetileng, ke ile ka hlaheloa ke sena se latelang.
“Libuka tseo ke neng ke li sebelisa ho ruta bana histori ea Bibele li ne li se li felile, kahoo ke ile ka ipotsa: ‘Ke lokela ho etsa’ng joale?’ Ha ke ntse ke shebisisa lirakeng tsa libuka ka kamoreng ea ka moo ke nang le libuka tse ka bang lekholo, ke ile ka bona buka e ’ngoe e tšehla e nang le sehlooho se reng Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Ke ile ka etsa qeto ea ho sebelisa buka ena.
“Ke ile ka phumula buka ena lerōle ’me ka qala ho e sebelisa Sontaha se seng le se seng thutong ea ka. Bana ba ile ba thabela buka ena, ’me re ne re hlile re e-s’o qete khaolo e le ’ngoe ha ba se ba batla ho qala e ’ngoe. Phello: Selemo se ile sa fela, ’me re ne re se re qetile buka ena kaofela. Bana ba ne ba thabile haholo, ’me ke leboha haholo. Kannete ke buka e ntle, e hlakileng e bileng e tobang taba.”
Re lumela hore le uena u tla ananela khatiso ena e nang le litšoantšo tse ntle, e ngotsoeng ka mongolo o moholo. Litlaleho tsa eona tsa Bibele tse 116 li fa ’mali khopolo ea seo Bibele e buang ka sona. Lipale tsena li hlaha ka tatellano eo liketsahalo li etsahetseng ka eona. U tla fumana hona ho hlile ho thusa ho ithuta hore na lintho tse itseng li etsahetse neng ha li bapisoa le liketsahalo tse ling. Haeba u rata ho amohela buka ena ea bohlokoa e maqephe a 256, ka kōpo tlatsa le ho romela setlankane sena se ka tlaase.
Ke rata ho amohela buka e sekoahelo se thata ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufinyane ho fumana boitsebiso. Bona leqephe 2.)