Chebahalo ke ea Bohlokoa Hakae?
Mocha e mong oa Beaver Falls, Pennsylvania, U.S.A., oa ngola: “Ke ne ke tšoenngoa ke chebahalo ea ka haholo, ke nahana hore ke mobe ’me ha ke khahlehe.” Oa hlalosa: “Ke ne ke ee ke qete matsatsi a ’maloa ke sa je letho, e be ke theoha ’meleng ka [lik’hilogramo] tse ’maloa, empa ke ne ke ee ke lape haholo letsatsing le hlahlamang ka lebaka la ho se je hoo ke neng ke ee ke je haholo ’me ke boele ke none.”
Hamorao ha a le kopanong ea Bokreste, o ile a re: “Ke ile ka icheba ka seiponeng ’me ka re ho motsoalle oa ka, ‘ke na le ponahalo e tšabehang hakaakang!’
“Motsoalle enoa oa ka ea ratehang haholo o ile a mpotsa hore na ke balile karolo ea ‘Ho Hlahloba Kamoo U Shebahalang Kateng’ bukeng Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Ke ile ka ’molella hore che ha ke e-s’o e bale. O ile a re ho ’na, ‘Moratuoa, ho hlokahala hore u ee hae bosiung bona ’me u e bale.’ ’Me ke ile ka fela ka etsa joalo.
“Ke ile ka utloa eka ke bala pale ea bophelo ba ka. Eaba ke fihla potsong e ileng ea etsa hore ke nahane ka ho teba, ‘Ke mang ea khothalletsang khopolo ea hore u tlameha ho shebahala ka tsela e itseng haeba u tla tuma, u atlehe, kapa u thabe?’”
Mocha enoa o re karabelo ea potso eo e ile ea tlisa phetoho e khōlō bophelong ba hae. O ile a qetella ka hore: “Ka litlhahiso tse molemo tse ka bukeng ea Bacha Baa Botsa, ke ile ka bona tlhokahalo ea ho hlophisa lintho tse tlang pele bophelong ba ka.”
Bacha ba na le likhatello tse ngata kajeno. Ba hloka thuso e le hore ba ka sebetsana le tsona ka katleho. Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang e fana ka thuso ena. U ka amohela kopi ea buka ena e nang le litšoantšo tse khahlehang ka ho tlatsa le ho romela setlankane se ka tlaase.
Ke rata ho amohela buka e maqephe a 320 e sekoahelo se thata Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufinyane ho fumana boitsebiso. Bona leqephe 2.)