Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 4/1 leq. 30
  • Lipolotiki—Na ke Karolo ea Thōmo ea Kosepele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipolotiki—Na ke Karolo ea Thōmo ea Kosepele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 4/1 leq. 30

Lipolotiki—Na ke Karolo ea Thōmo ea Kosepele?

HO LATELA Joachim Meisner, mobishopo e moholo oa Cologne le eo e kileng ea e-ba moruti ea tsebahalang oa Jeremane Bochabela, “ke bokhelohi ho bolela hore lipolotiki li litšila, khoebo eo motho a silafatsang liatla tsa hae ka eona.” Puisanong ea 1989, o itse: “Lipolotiki ke ’nete ea bophelo ’me kahoo ke karolo ea thōmo ea rōna ea kosepele. Re tlameha ho li thoholetsa. Re tšoanetse ho kenella mekhatlong eohle ea lipolotiki ka mokhoa o kholisang, ho tloha mekhatlong ea basebetsi le ho ea mekheng ea lipolotiki, mekhatlong ena le mekheng ena re lokela ho thea motheo oa Bokreste ba ’nete oo ho oona batho ka bomong ba ka itlhahisang ho etella pele ho tšehetseng lipolotiki tsa Jeremane le tsa Europe.”

Mantsoe a latelang a qotsitsoeng koranteng e ka sehloohong ea Jeremane, Frankfurter Allgemeine Zeitung, a bontša hore baruti ba bangata ba Europe—ba Mak’hatholike le ba Maprostanta—ba na le khopolo e tšoanang le ea Meisner.

“Matsatsi a tšeletseng feela ka mor’a ho khethoa ha hae [October 1978], [mopapa] o ile a tsebisa hore eena joaloka motho ea tsoang Europe Bochabela ha a ikemisetsa ho amohela maemo a litaba Europe. . . . Ba bang ba ile ba nahana hore ke thero, empa e ne e le lenaneo la lipolotiki.”—November 1989.

“Libakeng tse ling [Czechoslovakia] kereke e ile ea hapa hlompho e phahameng joaloka e etellang pele mefere-fereng. Liithuti seminaring ea boprista e Litomĕr̆ice, toropo e ka leboea ho Bohemia ea babishopo, . . . li ile tsa etella pele ho fetoheleng ’muso hoo e seng hoa likhoka ngoahola ka November.”—March 1990.

“Thapelo ea beke le beke ea khotso Kerekeng ea [Boprostanta] ea Nikolai, eo ka lilemo tse leshome e hapileng tlhokomelo e nyenyane, hang-hang e ile ea e-ba letšoao la mefere-fere la selemo sena, la phetohelo ea khotso GDR [German Democratic Republic]. . . . Baruti ba bangata-ngata le batho ba phutheho bao eseng baruti ka mehla ba kopanela lipontšong tse tšoaroang hamorao.”—December 1989.

Puisanong ea hae Mobishopo e moholo Meisner o boetse a hlokomela: “Re ke ke ra emela bo-ralipolotiki ba Bakreste ho theoha leholimong. . . . Ha ho mohla ke khathalang ho khothalletsa Bakreste ba bacha . . . ho kenella bophelong ba lipolotiki [kapa ho] . . . bolella baahi ba hōlileng: U se ke ua lumella khetho ho feta u sa ka ua kenella ho eona.”

Ka baka leo, litho tse 19 tsa (palamente ea) Volkskammer Jeremane Bochabela tse ileng tsa vouteloa ka March 1990 e ne e le baruti. Bolumeli le bona bo ne bo emetsoe hantle kabineteng. Mabapi le e mong oa baruti ba eona ba bararo, Letona la Tšireletso Rainer Eppelmann, ea leng khahlanong le ntoa, koranta ea Nassauer Tageblatt e ngotse: “Ba bangata ba mo nka joaloka e mong oa bo-ntate ba phetohelo ea khotso.”

Lipaki tsa Jehova Europe Bochabela, tse baloang ka makholo a likete, li thabela tokoloho ea bolumeli eo li nang le eona joale. Empa ha li e sebelise ho kenella liqhoebeshanong tsa lipolotiki kapa tsa sechaba. Tumellanong le thōmo ea kosepele e tlalehiloeng ho Mattheu 24:14 li latela mohlala oa Jesu oa ho qoba lipolotiki tsa batho, ka nako eohle li bolela ka cheseho litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo e le eona tšepo feela bakeng sa moloko oa batho. Baruti ba Bokreste-’mōtoana—ebang ke ba Bochabela ho Europe, kapa ba sebaka se seng—ba tla be ba le bohlale ho etsa ka ho tšoanang.—Johanne 6:15; 17:16; 18:36; Jakobo 4:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela