“Moloko oa Batho o Batla Molimo”
’Mali ea tsoang Houston, Texas, U.S.A., oa ngola: “Buka ena e ne e hapa thahasello le ho hapa kelello hoo ke neng ke sa khone ho e beha fatše.” O itse tikolohong eo a lulang ho eona ho na le batho ba batlang e le ba bolumeli bo bong le bo bong bo hlalositsoeng bukeng, empa oa lumela: “Ke ne ke sa tsebe litumelo tsa bona tsa motheo le hore ke joang nka ba tataisetsang Bibeleng bakeng sa likarabo. Buka ena e bile karabelo lithapelong tsa ka.”
Moloko oa Batho o Batla Molimo ke buka e fupereng boitsebiso bo batlisisitsoeng ka ho felletseng, le bo tebileng bakeng sa malumeli a kang Bohindu, Bobuddha, Botao, Boconfucius, Boshinto, Boislam le Bojode. ’Mali ho tsoa Texas o hlokometse: “Buka ena e tšohla litumelo tsa batho ba bang ka tsela e utloahalang le e hlomphehang, e ntse e ba khothalletsa ho tsoela pele ka ho batla ha bona Molimo oa ’nete, Jehova. ’Me mantsoe a tla ka tsela ea botho haholo, hoo e kang motho e mong o lutse pel’a hao a ntse a tsoela pele ka moqoqo.”
Re kholisehile hore buka e maqephe a 384 Moloko oa Batho o Batla Molimo e tla arabela bongata ba lipotso tsa hao. Haeba u thahasella ho fumana kopi, tlatsa feela le ho romela setlankane se mona u se romele atereseng e fanoeng mona tlaase.
Ke rata ho fumana buka e maqephe a 384 e bontšitsoeng Moloko oa Batho o Batla Molimo. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufinyane ho fumana boitsebiso. Bona leqephe 2.)
[Litšoantšo tse leqepheng la 32]
Bokreste-’mōtoana
Boislam
Bohindu
Boconfucius—Botao—Bobuddha
Bobuddha
Boshinto
Bojode
Malumeli a Merabe