Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 10/1 leq. 28
  • Na Saense e Paka Hore Mehlolo e ke ke ea Etsahala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Saense e Paka Hore Mehlolo e ke ke ea Etsahala?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 10/1 leq. 28

Na Saense e Paka Hore Mehlolo e ke ke ea Etsahala?

Na ka sebele mehlolo ea Bibele e ile ea etsahala? Ho na le ba bangata, ho akarelletsa bo-rasaense ba bangata le baeta-pele ba bolumeli, ba arabelang ka che. Ba nahana hore ho lumela mehlolo ho amana le mehla ea tumela-khoela le hore saense ea kajeno e bontšitse hore e ke ke ea etsahala. Kahoo, lengolo le latelang le hatisitsoeng ho The Times ea London la ba la tekenoa ke bo-rasaense ba bangata le lokela ho eloa hloko. Le re:

“Ho sebelisa saense e le lebaka la ho pheha khang ea hore mehlolo e ka etsahala ha ho utloahale. Ho lumela hore mehlolo e ke ke ea etsahala ke taba ea tumelo e tšoanang le ho lumela hore e ka etsahala. . . . Mehlolo ke liketsahalo tseo ho seng mohla li kileng tsa etsahala pele. Ho sa tsotellehe se bontšoang ke lifilosofi tsa morao tjena kapa se senoloang ke maikutlo a batho ba bangata, ke habohlokoa ho tiisa hore saense (kaha e thehiloe holim’a lintho tse bonoang tse kileng tsa etsahala pele) ha e na seo e ka se buang tabeng ena. ‘Melao’ ea eona ke e akaretsang e thehiloeng phihlelong ea rōna. Tumelo e thehiloe motheong o fapaneng le oo.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka sebele, ha ho tsela eo ka eona saense ea kajeno e ka pakang hore litlaleho tsa mehlolo e tlalehiloeng ka Bibeleng hase tsa ’nete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela