‘Ke Lehakoe la Sebele’
Ke kamoo ’mali e mong oa Argentina a hlalositseng buka e sa tsoa hatisoa Moloko oa Batho o Batla Molimo. O ngotse: “E na le libōpeho le likarolo tse sa tšoaneng, hantle feela joaloka lehakoe. Joalokaha lehakoe le entsoe ka likarolo tse fapaneng, buka ena e na le lihlooho tse sa tšoaneng le litlhaloso tse mabapi le bolumeli hoo e makatsang ’mali.”
“Ka kakaretso, bahlahlobisisi ba phelang karolong e ka Bophirimela ha ba tsebe letho ka litumelo tsa batho ba phelang karolong e ka Bochabela [bao eseng ma-Europe, haholo-holo ma-Asia] le tšimoloho ea tsona.” Leha ho le joalo, joalokaha ’mali enoa ea nang le kananelo a ho hlokomela, buka ena e tšohla “Bohindu le Bozione, Bobuddha le lihlotšoana tsa bokhelohi tsa Bokreste-’mōtoana le likhopolo tse ling tse ngata tsa bolumeli.” Oa hlalosa: “Ke lehakoe le thusang ho motho e mong le e mong ea hlahlobang malumeli.”
Batho ba bangata ba tseba bolumeli ba batsoali ba bona feela ’me hangata ba bo tseba ka tsela e fokolang feela. Empa na bolumeli ba hao e lokela ho ba boo o tsoaletsoeng ho bona, kapa na u lokela ho etsa khetho e bohlale ka mor’a ho bapisa bolumeli ba hao le ba ba bang? Buka e maqephe a 384 Moloko oa Batho o Batla Molimo e tla u thusa ho etsa papiso ena. E ka ’na ea u atametsa haufi haholoanyane le Molimo oa ’nete.