Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 2/15 leq. 29
  • Lebitso la Molimo Lea Tsosolosoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebitso la Molimo Lea Tsosolosoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 2/15 leq. 29

Lebitso la Molimo Lea Tsosolosoa

“HO FETILE lilemo tse 60 pele lebitso la Molimo, ‘JHWH,’ eo eseng Molimo oa Bajode feela empa e boetse e le oa Bakreste, le busetsoa moo pele mongoli a neng a le behile teng.” Ke kamoo koranta ea Jeremane Schwarzwälder Bote e hlalosang ka teng ka ho tsosolosoa ha lebitso la Molimo le leboteng le ka pele la holo ea toropo e Horb, ka boroa ho Jeremane. Empa ke hobane’ng ha lebitso leo le ne le tlositsoe?

Koranta ena e tlaleha hore bokantle ba holo ea toropo bo ne bo khabisitsoe ka litšoantšo tse pentiloeng tsa liketsahalo tse itseng leboteng la eona le ka pele. Li ne li akarelletsa le Tetragrammaton, litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo.

Koranta ena e tsoela pele: “Lebitso lena, le hlahang ka makhetlo a ka holimo ho 6 000 ka Bibeleng, ke ‘Jehova’ kapa ntho e tšoanang le eo ka Sejeremane. Ho qapollisoa ha lona ho nepahetseng ha ho tsejoe hobane Seheberu se ngotsoeng se ne se e-na le liluma-’moho feela. ’Mali o ne a ikenyetsa liluma-nosi.”

Leha ho le joalo, ka 1934 baemeli ba Mokha oa Bonazi ba ile ba etsa qeto ea hore Tetragrammaton e ne e “sa lumellane le likhopolo tsa morao-rao” kahoo e lokela ho koaheloa ha lebota le pentoa bocha. Ka thabo Tetragrammaton e tsosolositsoe. Koranta ena e-ea tlaleha: “Kajeno lebota le ka pele [la holo ea toropo], le khabisitsoeng ka lipono tsa liketsahalo tsa histori, letšoao le khethollang lelapa kapa toropo, le litšoantšo tse pentiloeng, ke ‘sona’ sebaka seo re lokelang ho se bona Horb.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela