“Lipaki tsa Jehova?”
POTSO e ka holimo e ile ea hlaha e le sehlooho ho Bulletin of the University of Helsinki ea Sefinnish. Ka tlas’a sehlooho sena ho ne ho e-na le lengolo le ngotsoeng ke Moprofesa Jorma Palo, ’me karolo e ’ngoe ea lona e ne e re: “Ke ile ka shebisisa letšoao la univesithi ea rōna le neng le bontšitsoe sekoahelong sa Bulletin. Kotareng ea eona, ke ile ka fumana taba e ngotsoeng ea Seheberu eo ke ileng ka botsa moeti oa ka oa Mojode moelelo oa eona. Ho latela setsebi sena, se tsebang Seheberu, lentsoe lena ke ‘Jehova’ ka Sefinnish.”
Boteng ba lebitso la botho la Molimo letšoaong lena la univesithi ea Finland bo ile ba makatsa batho ba bang. Leha ho le joalo, ha e le hantle univesithi ena e na le lilemo tse 350 e le teng, ’me nakong eo e neng e thehoa ka eona, lebitso la Jehova le ne le tsebahala haholo le bile le sebelisoa hohle Europe. Lebitso lena le hlaha mehahong e mengata ea sechaba, cheleteng, le matšoaong a entsoeng ka nako eo.—Bona bukana e lekanang le makasine Lebitso la Molimo le Tla ’Ne le be Teng ka ho sa Feleng.
Lekholong la rōna la lilemo, Bokreste-’motoana ha bo sa sebelisa lebitso la Molimo, ’me thahasello eane e neng e le teng ho lona pele ha e sa le eo. Ke sehlopha se le seng feela se sebelisang lebitso la Molimo borapeling ’me se le phatlalatsa libakeng tsohle, tumellanong le kōpo ea pele Thapelong ea Morena: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le halaletsoe.” (Mattheu 6:9, NW) Ke kahoo, ha lebitso lena le bonoa letšoaong la univesithi, hang-hang batho ba ileng ba hopola Lipaki tsa Jehova.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Yliopisto