Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 9/1 leq. 32
  • U Ke Ke Ua Soetseha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Ke Ke Ua Soetseha
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bontša Kameho ka Batho ba Thahasellang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ke Hobane’ng ha li ho Etsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Kopano ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” ea 1996
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Likopano ke Liketsahalo Tse Thabisang Tse Pakang Hore re Mokhatlo oa Bara ba Motho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 9/1 leq. 32

U Ke Ke Ua Soetseha

BANYALANI ba bang Philippines ba ile ba nka matsatsi a mabeli ho fihla teng. Ba ile ba hahlaula lik’hilomithara tse 70, ba feta har’a mefero e tletseng likokoanyana tse noang mali le linoka tse tlatsitsoeng ke lipula tsa likhohola ba jere bana ba babeli. Empa ba ne ba ikemiselitse hore e se ke ea ba feta.

Basali ba babeli ba Zaire ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse 500, ba qeta matsatsi a 14 tseleng, e le hore ba tle ba be teng. Hape hona Zaire, monna-moholo e mong o ile a fihla teng ka ho palama baesekele ea hae lik’hilomithara tse 260. Ha aa ka a nyahamisoa ke bohōle kapa ke litšitiso tse ling. Ntho ea bohlokoa e ne e le hore a se ke a fetoa.

Kaofela ha bona ba ne ba e-ea hokae? Ho e ’ngoe ea likopano tse khōlō tsa Lipaki tsa Jehova tse hlophisitsoeng linaheng tsa habo bona. ’Me ho sa tsotellehe hore na leeto le ne le le boima hakae, bohle ba ne ba ikutloa hore boiteko bohle boo ba bo entseng bo ne bo tšoanetse.

Na u se u entse litlhophiso tsa ho ea ba teng Kopanong ea Setereke ea “Bajari ba Leseli” ea 1992? Mohlomong, u ke ke ua lokela ho tsamaea sebaka se selelele joaloka liphefumolohi tsena tse tšepahalang hore u be ho eona. Empa le haeba u ka ba le litšitiso tse itseng, re u khothalletsa hore u se ke ua ba ua fetoa.

Ho lokiselitsoe lenaneo le molemo le le sebetsang haholo. Haeba u thabela botsoalle ba Bokreste ’me u thabela ho ithuta kamoo u ka fumanang khotso ea sebele, seo bokamoso bo se tšoereng, kapa kamoo u ka etsang thato ea Molimo hamolemonyana, re ka u tšepisa hore u ke ke ua soetseha. Paki efe kapa efe e sebakeng sa heno e tla u bolella hore na kopano e haufi le uena e tla tšoaroa hokae hona neng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela