Ba ka Ithuta ho Linotši
“Lilemong tsa morao tjena, baenjinere le baqapi ba lisebelisoa ba hlokometse ka ho eketsehileng ntho eo ho bonahalang hore linotši li e tsebile ho tloha khale: ho hlophisa sehlahisoa se sesesaane ka ho fetisisa ho latela sebōpeho sa khekhe ea linotši e mahlakore a tšeletseng ho etsa hore se be matla ho feta kamoo se neng se ka ba ka teng sebōpehong se seng.”—The New York Times, October 6, 1991.
HA HO makatse hore ebe batho ba ka fumana molemo ho ithuteng ka hloko ka likokoanyana. Monna oa tumelo oa boholo-holo, Jobo, o kile a re: “U mpe u botse likhomo li tle li u rute; le linonyana tsa leholimo, li tle li u bolelle! . . . Ka tsona tsohle, ke mang ea ka hanang ho bona hoba letsoho la Jehova le entse ntho tseo kaofela?” (Jobo 12:7-9) E, bohlale ba ’Mōpi bo bonahala linthong tse tloaelehileng joaloka sebōpeho sa mahlakore a tšeletseng sa lisele tseo u li bonang khekheng ea linotši.
Le hoja mahlakore a nģamathelang liseleng tsena a sa fihle le ho karolo ea boraro ea millimithara ka botenya, a matla ka ho fetisisa. Ha e le hantle, a ka jara hoo e ka bang boima ba ’ona bo imenneng ka makhetlo a 30.
Matla ana a ka sebelisoa mesebetsing ea sebele, joaloka ho sireletseng lisebelisoa ha li setloa ke ntho e itseng ka matla. Ebile e sireletsa haesita le lisebelisoa tsa sesole ha li theoloa sefofaneng ka pharashute. The New York Times e re ka sena: “Lintho tse boima joaloka likoloi tsa mofuta oa jeep li tlamelloa likalaneng tse alelitsoeng ka sehlahisoa se kang khekhe ea linotši ka tlaase ho fokotsa sefutho sa tsona ha li fihla fatše.”
Lisebelisoa tse entsoeng ke motho a sebelisa boqapi bona li ka sebelisoa ho etsa lihlahisoa tse ngata. Se tloaelehileng haholo ho bonahala e le pampiri. Pampiri ea nylon-fiber le resin li sebelisetsoa ho etsa lihlahisoa tse kang khekhe ea linotši tse kenngoang maphakong a lifofane tse ling tse khōlō. Matla a hlahisoa ka boima bo batlang bo le bonyenyane. Hobane’ng? Sebaka se seholo pakeng tsa mahlakore ke moea, kahoo ho na le boima bo bonyenyane. Moea le oona o na le litšobotsi tse ntle tsa ho sireletsa.
Notši ha e “tsebe” sena sohle, hobane ha e na tlotla e phahameng ea boenjinere. Leha ho le joalo, e ntšetsa mosebetsi oa eona pele letsatsi le letsatsi ka bohlale ba tlhaho boo e bo nehiloeng ke ’Mōpi, Jehova.