Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 7/1 leq. 32
  • Nako ea ho Batla Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nako ea ho Batla Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 7/1 leq. 32

Nako ea ho Batla Molimo

SETŠOANTŠO se leng leqepheng lena ke sa Acropolis ea Athene, eo e kileng ea ba setsi sa borapeli ba melimo le melimotsana e mengata. Tlaase ho Acropolis ke Areopago, eo ho boleloang hore e kile ea ba moo lekhotla la boahlōli la mehleng ea boholo-holo le neng le kenela teng. Ke sebakeng sona seo, lilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng, moo moapostola Pauluse a ileng a ema ’me a fana ka puo e babatsehang e le kannete. Ho latela a mang a mantsoe ao a ileng a a bua:

“[Molimo] o entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang ho aha sebakeng sa lefatše lohle; o laetse mehla e laotsoeng ke oona, le meeli ea ho aha ha bona; e le hore ba batle Morena, mohlomong ba ke ba mo phopholetse, ba mo fumane, leha a se hole ho e mong le e mong oa rōna. Hobane ke ka eena re utloang, re sisinyehang, re leng teng.”—Liketso 17:26-28.

Histori e ka be e fetohile hakaakang hoja batho ka kakaretso ba ne ba etse mantsoe a Pauluse hloko! Ho ka be ho qobuoe lintoa tse ngata hakaakang le bohloko hoja batho ba ile ba elelloa ho tšoana hoo ba nang le hona joaloka bana ba motho a le mong ea bōpiloeng ke ’Musi Morena, Jehova.

Kajeno, batho ba tsekollotsoe ke bochaba, ho ikhetholla ka maemo, lehloeo la merabe, le ho se lekane ha mekhoa ea bophelo. Leha ho le joalo, mantsoe a Pauluse a ntse a sebetsa. Kaofela ha rōna re litloholo tsa motho eo a le mong ea ileng a bōptjoa ke Molimo. Ka kutloisiso eo, kaofela re baena le likhaitseli. ’Me ha e-s’o be morao haholo hore re ka batla Molimo ha o sa fumanoa.

Mantsoe a Pauluse a teba haholoanyane ha re nahana ka mantsoe a ho qetela a puo ea hae. O itse: “[Molimo] o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna eo o ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.”

Tsoho ea Jesu bafung ke ’nete ea histori, ’me joalokaha Pauluse a bontša, ke tiisetso ea hore ho tla ba le letsatsi la kahlōlo bakeng sa moloko oa batho. Neng? Re tseba hore le atametse ka lilemo tse ka bang 2 000 ho feta ha Pauluse a ne a eme Areopago ’me a bua mantsoe ao. Ka sebele, ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho bontša hore letsatsi leo le se le le haufi. Ke taba e tebileng hakaakang! Ho potlakile hakaakang hore re batle Molimo ka tieo eohle, kaha, joalokaha Pauluse a bolelletse Baathene, “joale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake”!—Liketso 17:30, 31.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela