Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 10/1 leq. 32
  • ‘Maholimo a Bolela . . .’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Maholimo a Bolela . . .’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 10/1 leq. 32

‘Maholimo a Bolela . . .’

Hoo e ka bang lik’hilomithara tse limillione tse 150 ho tloha moo u leng teng joale, letsatsi le phatsima ka khanya e chesang leholimong. Le ’nile la rapeloa joaloka molimo ka lilemo tse likete, ho fapana le hoo, moahisani oa rōna ea khanyang oa leholimo ke bopaki ba matla a ’Mōpi, “ea entseng maholimo le lefatše.” (Pesaleme ea 115:15) Leseli le mofuthu oa lona ke tsa bohlokoa bakeng sa bophelo lefatšeng. ’Me linnete tseo bo-rasaense ba ithutileng tsona ka lona li etsa hore re hlolloe.

Re bolelloa hore letsatsi le ntša tekanyo e khōlō ea matla. Na u ne u hlokomela hore ke feela karolo e ka tlaase ho halofo ea limillione tse sekete ea mocheso le leseli e etsoang ke lona e sitisoang ke lefatše? Leha ho le joalo, karoloana eo motsotso o mong le o mong e finyella palo e khōlōhali ea matla a lipere tse 240 000 000 000 000!

Letsatsi le etsa matla ao oohle joang? Ka nuclear e khōlō e etsang mocheso sebakeng sa eona se ka hare-hare se etsang matla ka ho sebelisa litone tse limillione tse ’nè tsa hydrogen ka motsotsoana o mong le o mong. Ho thabisang bakeng sa batho ke hore ho na le libeso tse lekaneng letsatsing ho boloka tšebetso ena e tsoela pele ka lilemo tse limillione tse sekete.

Lintho tse ling tseo bo-rasaense ba li sibollotseng li phahamisa lipotso tse ling tse eketsehileng. Ka mohlala, ka linako tsohle letsatsi lea thothomela, joaloka lekapa la metal le otloang ka hamore. Hobane’ng? Hape, nahana ka sena: Karolo e ka hare-hare ea letsatsi ke karolo e chesang haholo ’me likarolo tse hōle le sebaka se ka hare-hare ha li chese haholo. Empa ha re tla karolong e ka ntle ea letsatsi, corona, hoo hoa fetoha. Corona e chesa ho feta likarolo tse haufi le karolo e ka hare-hare e chesang haholo. Hobane’ng?

Ho phaella moo, leha—joaloka lefatše—letsatsi le phikoloha, likarolo tse sa tšoaneng li phikoloha ka lebelo le sa tšoaneng. Ka mohlala, karolo e ka ntle e phikoloha kapele ho feta tse ka hare. Hobane’ng? ’Me hoo ho etsahala joang? Joale ho na le matheba a letsatsi. Matheba ana a karolong e ka holimo ea letsatsi a ba teng ’me a ba sieo potolohong eo ka mehla e etsahalang ka mor’a nako ea lilemo tse 11. Ke hobane’ng ha li fetoha ka tsela eo ka mehla?

Le hoja ho sa na le ho hongata ho ka ithutoang ka letsatsi, seo re seng re se tseba hona joale se etsa hore re retelehele ho ’Mōpi oa lona, Jehova ka tšabo. Nako le nako ha re bona letsatsi, rea hopotsoa hore “maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.”—Pesaleme ea 19:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela