Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 10/15 leq. 3
  • Lelapa Lea Hlaseloa!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lelapa Lea Hlaseloa!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho na le Lekunutu la Thabo ea Lelapa?
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Lelapa—Ke Seo Batho ba se Hlokang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Mahlomola ka Lapeng—Pontšo ea Linako
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ha Pefo e Hlasela Lelapa
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 10/15 leq. 3

Lelapa Lea Hlaseloa!

“LELAPA ke tokisetso ea batho ea boholo-holo. Ke la bohlokoa ka ho fetisisa ka litsela tse ngata haholo. Ke motheo o moholo oa tsamaiso ea batho. Tsoelo-pele eohle ea lichaba e ile ea ntlafala kapa ea senyeha ka baka la ho tiea kapa ho fokola ha bophelo ba lelapa.”

Ke kamoo ho boletseng The World Book Encyclopedia morao koana ka 1973. Leha ho le joalo, mantsoe ana ha a talingoa ho latela pono ea kajeno a ba le moelelo o tšosang le o batlang o lahlisa tšepo. Lilemong tse seng kae tse fetileng ho bile le se lekanang le tlhaselo e tobileng bophelong ba lelapa. Moeletsi ea tsebahalang John Bradshaw oa ngola: “Ho na le tlokotsi ka lapeng kajeno. . . . Manane a phahameng a tlhalo, tlōlo ea molao e etsoang ke bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20, ho ata ha tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, seoa sa likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba amanang haufi, ho kula ho bakoang ke ho ja ka tsela e sa lokelang le ho otloa ’meleng ke bopaki ba hore ho na le ntho e ’ngoe e fosahetseng ka tsela e tlōlisang.”

Ruri, “bopaki ba hore ho na le ntho e ’ngoe e fosahetseng ka tsela e tlōlisang” ka lapeng bo ka fumanoa hohle lefatšeng. The Unesco Courier ha e bua ka boemo bo leng Europe e itse: “Ho tloha ka 1965, ho bile le keketseho e khōlō lenaneng la litlhalano ho pholletsa le kontinente ena. . . . [Ho] ’nile ha ba le keketseho lenaneng la malapa a motsoali a le mong.” Linaha tse tsoelang pele moruong ka ho tšoanang li talimane le keketseho ea mahlomola a lelapa. Mongoli Hélène Tremblay oa hlokomela: “Ho limillione tsa batho tse phelang lichabeng tse ’nileng tsa tseba tsela ea bophelo e tloaelehileng, e tsitsitseng, e sa fetoheng ka makholo a lilemo, kajeno ke nako ea mefere-fere.”

Ho tšosang ka ho khethehileng ke tikoloho e leng teng ka malapeng a mangata kajeno. United States feela, bana ba limillione tse ngata ba hōlisoa ke batsoali bao e leng makhoba a tahi. Ho boetse ho bile le keketseho e tšosang ea pefo ea lelapa. Bafuputsi Richard Gelles le Murray Straus bukeng ea bona Intimate Violence, baa tlaleha: “Ho bonolo haholoanyane hore u ka hlaseloa, oa otloa, le ho bolaoa ka lapeng la hao ke moratuoa oa hao ho feta sebakeng leha e le sefe se seng, kapa ho feta ho etsoa lintho tsena ke motho e mong osele sechabeng sa habo rōna.”

Haeba ho ntlafala ha tsoelo-pele ho hlile ho itšetlehile ka matla a lelapa, ho na le lebaka la ho tšoenyeha ka bokamoso ba tsoelo-pele. Ho ntse ho le joalo, bokamoso ba tsoelo-pele bo ka ’na ba se ke ba u tšoenya hakaalo. Ho ka etsahala hore kameho ea hao ke seo mofere-fere o joalo o ka se bolelang bakeng sa lelapa la hao. Phello e tla ba efe? Karabelo e tsoang mohloling o tšepahalang e ka ’na ea u makatsa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela