Na U Tšoana le e ’Ngoe ea Tsee?
‘HO MOLEMO ho ba tau letsatsi le le leng ho e-na le ho ba konyana lilemo tse lekholo.’ Ho ’nile ha boleloa hore mantsoe ao a ile a buuoa ke Benito Mussolini, eo e kileng ea ba molaoli oa Italy.
Joaloka Mussolini batho ba bangata ba ka ba khahlanong le ho tšoantšoa le likonyana le linku. Leha ho le joalo, morena oa Iseraele ea boholo-holo le mopesaleme Davida o ile a re: “Jehova ke molisa oa ka, . . . o ntsamaisa pel’a metsi a khutsitseng.” (Pesaleme ea 23:1, 2) E, Jehova Molimo ke Molisa e Moholo, ea hlokomelang batho ba hae joalokaha eka ke linku tse seng kotsi.
Ho Pesaleme ea 95:7 ho buuoa ka batho ba Molimo e le linku tsa tšoantšetso, ’me rea bala: “Hobane [Jehova] ke Molimo oa rōna, re sechaba seo e leng molisa oa sona, mohlape o tsamaisoang ke letsoho la hae.” Mohlomong ba bang ba ne ba lebeletse hore mopesaleme a bue ka “linku tsa makhulo a hae” le “batho ba letsoho la hae.” Empa mona litaba lia fetoloa, ’me batho ba Jehova ka bobona ba tsebahatsoa e le linku tsa hae. Ba thabela melemo ea makhulo a Molimo ’me ba tataisoa ke letsoho la hae le lerato.
Mor’a Jehova, Jesu Kreste, ke Molisa ea Molemo. Hangata o ne a bitsa batho linku. Ka mohlala, Jesu o ile a bua ka “mohlatsoana” le “linku tse ling” tsa hae. (Luka 12:32; Johanne 10:14-16) Mabapi le balateli ba hae ba ikokobelitseng ba kang linku, Jesu o ile a re: “Linku tsa ka li utloa lentsoe la ka; kea li tseba, ’me lia ntatela. ’Na ke li fa bophelo bo sa feleng, ’me li ke ke tsa timela le ka mohla o le mong, ’me ha ho motho ea ka li utlang letsohong la ka.” (Johanne 10:27, 28) Tlas’a letsoho la ’musi ea mosa, bafo ba rua molemo matleng a hae, kamohelong, tataisong, le tšireletsong.—Tšenolo 1:16, 20; 2:1.
Ha ho motho ea ka utlang batho ba kang linku e le kannete letsohong le sireletsang la Jesu. Kajeno, o arola batho e le “lipōli” tse sa fumaneng kamohelo ea hae kapa e le “linku” tse tla thabela bophelo bo sa feleng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo oa leholimo. (Mattheu 25:31-46) Na u tla ipaka u le e ’ngoe ea linku tsee tse hlohonolofalitsoeng?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Garo Nalbandian