Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 3/1 maq. 30-31
  • Baromuoa ba Micronesia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baromuoa ba Micronesia
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 3/1 maq. 30-31

Baromuoa ba Micronesia

LE HOJA ba arohantsoe ke boholo ba Leoatle la Pacific le bonahalang le sa khaotse, baromuoa ba Micronesia ba ntse ba khona ho kopana selemo le selemo ho thabela “kopano ea lelapa.” ’Me ebe baevangeli baa ba tsoang lihleke-hlekeng tse arohaneng hakaale ba kopana kae? Ka ho loketseng, sebakeng seo ’muso oa moo o se bitsang Seterata sa Jehova—aterese ea ofisi ea lekala ea Guam eo ba sebetsang tlas’a eona.

Ka June 1992, baromuoa ba 56 ba ile ba fihlela lekaleng bakeng sa ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Bajari ba Leseli.” Litšeho le metlae li ile tsa utloahala hohle ha ba nchafatsa setsoalle sa khale le ho hlaolela se secha. Joaloka linako tsohle, ba ile ba itlhophisa litepising tsa Holo ea ’Muso bakeng sa ho nka foto ea sehlopha ’me eaba ba lula litafoleng tse tharo tse telele tseo ho behiloeng lijo ho tsona bakeng sa ho ja lijo tsa selemo le selemo tsa baromuoa, ’me selemong sena ketsahalo eo e ile ea phahamisoa ke ketelo ea Albert Schroeder, setho sa Sehlopha se Busang.

Kopano ena ea selemo le selemo Guam, ke oona feela monyetla oa baromuoa ba bangata oa ho tloha mahaeng a bona a manyenyane a libaka tse chesang. ’Me a hlile a manyenyane e le ka ’nete. Sehleke-hleke sa Ebeye, se seng sa Lihleke-hleke tsa Marshall, se etsa lihekthere tse 32 feela. Lehae la baromuoa la sehleke-hleke sa Majuro se Marshalls le lehae la Kiribati le Lihleke-hlekeng tsa Gilbert ka bobeli a lutse mepopotlong ea mahoholi a leoatle e melelele, e mesesanyane e ka tlaase ho lik’hilomithara tse 0,8 ka bophara. Kahoo baromuoa ba thabela leeto la bona la Guam ka ho feletseng.

Le hoja mohopolo oa ho ruta sehleke-hlekeng se senyenyane se chesang o utloahala o rateha, ha e le hantle ke phephetso eo ba fokolang ba hlomeletsoeng ho e hlōla. Ka ho thahasellisang, ke ba 7 feela ho baromuoa ba 56 ba tsoang Sekolong sa Watchtower sa Bibele sa Gileade. Ba bangata ba ne ba tsoa Hawaii kapa Philippines moo e neng e le basebeletsi ba bo-pula-maliboho ’me ba se ba tloaetse bophelo ba libaka tse chesang, ’me ba ile ba ea ka ho toba likabelong tsa bona tsa boromuoa ho tloha linaheng tsa habo bona.

Hobane lihleke-hleke tsa Micronesia li haufi le equator, baromuoa ba loana ka thata le mocheso o bataolang le mongobo ho fihla ho baahi ka litaba tse molemo. Puisano e ka ba phephetso e khōlō. Sehleke-hleke se seng le se seng kapa sehlopha sa lihleke-hleke se na le puo ea sona—tse ling ha li tsebahale hoo li bileng li sa tlalehoang le bukeng e hlalosang mantsoe—’me ho ka nka lilemo pele motho ea fihlang a ka e bua hantle. Ho thusa batho ba lihleke-hleke tsena tse meetlo e sa tloaelehang ho utloisisa Bibele, lekala la Guam le hatisa libuka ka lipuo tse 11, tse 9 ke tse buuoang Micronesia feela.

Lihleke-hleke tse ling li thōko hoo ho ka fihloang ho tsona ka sekepe feela. Lehae la baromuoa la Tol e Chuuk (Truk) le sehleke-hlekeng se joalo, ’me baromuoa ba itšetlehile ka liphanele tse fetolang mahlaseli a letsatsi bakeng sa motlakase ka lihora tse seng kae feela letsatsi ka leng.

Ka kakaretso, ho na le mahae a 14 a baromuoa Micronesia kaofela, a koahelang sebaka se batlang se le boholo ba kontinente ea United States. Har’a batho ba fetang 400 000 ba lulang sebakeng seo, ba 1 000 ke baboleli ba litaba tse molemo, ’me ba hlophisitsoe ka liphutheho tse 20 le lihlopha tse 3 tse ka thōko.

Le hoja batho ba Micronesia ka kakaretso ba le botsoalle, meetlo ea moo ea bolumeli le likhatello tsa lelapa li nyahamisa batho ba bangata ho amohela ’nete ea ’Muso oa Molimo. Kahoo le hoja mosebetsi oa baboleli ka kakaretso o tsoela pele hantle (bahoeletsi bao ba ’Muso ba 1 000 ba khanna lithuto tsa Bibele tse fetang 2 000), liphutheho tse ling le lihlopha li ntse li le nyenyane ka palo. Ka mohlala, ho na le bahoeletsi ba 5 feela sehleke-hlekeng sa Tinian, bahoeletsi ba 7 feela sehleke-hlekeng sa Nauru, ’me liphutheho tse Yap, Kosrae, le Rota li na le bahoeletsi ba ka tlaase ho 40 phutheho ka ’ngoe. Leha ho le joalo, baromuoa ba bang ba qetile lilemo tse fetang 20 likabelong tsa bona. Ho hlollang ke hore baromuoa bohle ba tšeletseng ba sehleke-hlekeng sa Belau bonyane ba na le lilemo tse 12 ba le moo.

Ho ba mamellang, meputso e meholo. Ho na le menyetla ea letsatsi le letsatsi ea ho thabela botle ba pōpo ea Jehova. Lihleke-hleke tse atlehileng tsa Micronesia li qhalane joaloka mabenyane a manyenyane a matala a behiloeng holim’a setšehetso se seputsoa sa leoatle la Pacific. Sebaka se pharaletseng ka lik’hilomithara mabōpong a leoatle se se nang batho le mepopotlo ea mahoholi a leoatle e nang le litlhapi tse ngata tse mebala-bala li hohela barati ba ho qoela ho bona tse ling tsa libaka tse ntle ka ho fetisisa tsa ho qoela lefatšeng. ’Me qetellong ea letsatsi le leng le le leng, ho na le pono e thahasellisang ea ha letsatsi le likela leoatleng.

Leha ho le joalo, moputso o moholohali ke tokelo ea ho sebeletsa Jehova ka ho bolella ba bang ka merero ea hae e hlollang ea nako e tlang. Kahobane baromuoa ba Micronesia ba tsoela pele ho finyella moputso oo, ba phethahatsa mantsoe a Esaia 42:12: “Khanya e isoe ho Jehova, lithoko tsa hae li boleloe lihleke-hlekeng.”

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 31]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Barrigada, Guam

Santa Rita, Guam

Koror, Belau

Chuuk (Truk) Islands

Tarawa, Kiribati

Kosrae

Ebeye

Marshall Islands

Majuro

Kolonia, Pohnpei

Songsong, Rota

Saipan

Yap

MICRONESIA

MELANESIA

CAROLINE ISLANDS

PACIFIC OCEAN

PHILIPPINES

NEW GUINEA

EQUATOR

[Setšoantšo]

Baromuoa ba kopana Guam, June 1992

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela