Ho Putsoa ka “Moqhaka oa Bophelo”
HO LENGELOI la phutheho ea Smyrna, moapostola Johanne o ile a bolelloa hore a ngole: “U tiee ho isa lefung, ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.” (Tšenolo 2:8, 10) Ka baka leo, tsebiso e utloisang bohloko ebile e thabisa e mabapi le Frederick William Franz, mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania le Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., haesita le mekhatlo e meng e ’maloa ea puso ea Molimo, ea qetileng tsela ea hae ea lefatšeng hoseng ha December 22, 1992.
Ke tsebiso e utloisang bohloko hobane e bolela ho fela ha mesebetsi ea lefatšeng ea mohlanka ea neng a ratoa haholo le ea neng a tšepahala ka ho ikhethang oa Jehova. Leha ho le joalo, e boetse ke tsebiso e thabisang hobane hona joale Moena Franz oa rōna ea ratehang o sebelisa mantsoe a Tšenolo 14:13: “Ho lehlohonolo [“thabile,” NW] bafu ba shoelang Moreneng ho tloha joale! Moea o re: E, hoba ba ea phomola mesebetsing ea bona; hobane mesebetsi ea bona ea ba latela.” Moena Franz e ne e le mosebeletsi ea hlokomelang likhaello tsa hae le ea ikokobelitseng, ea sebetsang ka thata le ea atlehang eo Jehova Molimo a ileng a mo sebelisa ka matla e le setho sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ho thusa tabeng ea ho fana ka lijo tsa moea ho “bahlanka” le metsoalle ea bona.—Mattheu 24:45-47.
Moena Franz o hlahile ka September 12, 1893, Covington, Kentucky. O ile a fumana ’nete ho moholoane oa hae. Ka nako eo o ne a le Univesithing ea Cincinnati, a itokisetsa ho ba moruti oa Presbyteri. Ho e-na le hoo, o ile a ikarola Kerekeng ea Presbyteri ’me a kopana le Liithuti tsa Bibele, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li bitsoa joalo ka nako eo. O ile a kolobetsoa ka November 30, 1913, ’me selemong se latelang a tsoa univesithing ’me a kenela mosebetsi oa bokolpotiere (bopula-maliboho). Ka June 1, 1920, o ile a fetoha setho sa lelapa la Bethele la Brooklyn. Ka mor’a nako e khutšoaane, o ile a abeloa ho hlokomela mesebetsi le litlaleho tsa bakolpotiere, ’me ka 1926 a isoa lefapheng la bongoli, moo a ileng a ba hloahloa haholo. Ka 1945 a fetoha motlatsi oa mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower le mekhatlo e meng e tsamaelanang le ’ona. Ha mopresidente oa nakong eo Nathan H. Knorr a shoa, ka 1977, o ile a fetoha mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower. O sebelelitse boemong bona ho fihlela lefung la hae. Ha Moena Franz a sa phela, o bone ha palo ea Lipaki tsa Jehova e eketseha ho tloha ho likete tse fokolang ho isa ho limillione tse ka bang ’nè le halofo. O ile a thabela litokelo tse ngata tsa tšebeletso, ho kopanyeletsa le ho bua likopanong tsa machaba le ho etela makala le mahae a baromuoa likarolong tse ngata tsa lefatše. Pale ea bophelo ba hae e hlahile tokollong ea Molula-Qhooa oa May 1, 1987.
Bosiung ba Mantaha, December 28, 1992, ho ile ha ba le tšebeletso ea sehopotso Holong ea ’Muso ea Bethele e Brooklyn. Moena Albert D. Schroeder oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo e mofuthu le e hahang moeeng. Malapa a Bethele a Watchtower Farms, Patterson, Mountain Farm, le Kingdom Farm, haesita le lelapa la Bethele le lekaleng la Canada, a ne a hokeletsoe ka mehala ea thelefono.
Bohle, haholo-holo ba neng ba sebetsa haufi le eena, ba tla hloloheloa Moena Franz haholo. E ne e le motho ea utloisisang, ea khothatsang, ’me a bontša mamello ho e mong le e mong eo a neng a sebetsa le eena kapa a tsamaea le eena. Ruri, balumeli-’moho le eena ba ne ba arabela ka ho bontša moea oa Ba-Heberu 13:7 (NW): “Hopolang ba eteletseng pele har’a lōna, ba buileng Lentsoe la Molimo ho lōna, ’me ha le ntse le nahanisisa liphello tsa boitšoaro ba bona le etsise tumelo ea bona.”
Ka December 30, 1992, Moena Mil- ton G. Henschel o ile a khethoa hore e be mopresidente oa bohlano oa Mokhatlo, ka mor’a Moena Franz.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Frederick W. Franz ka 1913
Mehahong ea Mokhatlo e Myrtle Avenue fekthering ka 1920
A na le Nathan H. Knorr Yankee Stadium ka 1953