Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 4/15 leq. 31
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Boleloang ke Kolobetso ea Hao
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Bakreste ba Rapela ka Moea le ka ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Gerizime—‘Re ne re Rapela Thabeng Ena’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Tsamaea ka Pelo e Kopaneng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 4/15 leq. 31

Na U sa Hopola?

Na u kile ua nahanisisa ka litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, mohlomong u tla fumana ho thahasellisa ho hopola se latelang:

▫ “Pontšo e bolelang molemo” eo Jehova a e etsetsang balateli ba Jesu ba latelang mehlala ea hae ke eng? (Pesaleme ea 86:17, NW)

E ne e le “thabo ea moea o halalelang” e ileng ea matlafatsa Bakreste ba pele ho mamella mahloriso a mefuta e sa tšoaneng a ileng a ba oela holimo. (1 Ba-Thessalonika 1:6) Ho joalo le kajeno, ’me Jehova, Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng,” o thabela ho fana ka “Moea o Halalelang ho ba o kōpang ho eena.” (Jakobo 1:17; Luka 11:13) Kahoo ke thabo ea moea o halalelang e etsetsang balateli ba Jesu “pontšo e bolelang molemo.”—12/15, maqephe 18-19.

▫ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re amohele pono ea Molimo mabapi le leshano?

Pesaleme ea 5:6 e re Molimo o tla “felisa ba bolelang leshano.” Tšenolo 21:8 e tsoela pele ho re qetello ea bohle ba buang leshano ke “lefu la bobeli.” Kahoo, ho amohela pono ea Molimo mabapi le leshano ho re fa lebaka le matla la ho bua ’nete ’me re amohele mpho ea hae ea bophelo.—12/15, leqephe 23.

▫ Mofuta oa borapeli ba Samaria o ne o akareletsa eng? (Johanne 4:20)

Borapeling ba bona bo kopaneng, Basamaria ba ne ba amohela libuka tsa pele tse hlano tsa Moshe feela e le Mangolo, Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele. Hoo e ka bang lekholong la bone la lilemo B.C.E., ba ile ba emisa tempele Thabeng ea Gerizime, e le ho hlōlisana le tempele ea Molimo e Jerusalema. Le hoja tempele ea Basamaria e ile ea felisoa, ho tla fihlela kajeno ba ntse ba tšoarela mokete oa selemo le selemo oa Paseka Gerizime.—1/1, leqephe 25.

▫ Na Bakreste ba lebeletsoe ho phahamisa mehato e khahlanong le tšilafalo kapa ea ho hloekisa?

Ha Jesu a ne a le lefatšeng ha aa ka a leka ho rarolla mathata ’ohle a sechaba mehleng ea hae. Ha Jehova a kenya melao-motheo ea hae e lokileng lefatšeng lohle ka ’Muso oa Hae oa Bomessia, mathata a tikoloho a tla be a rarolotsoe ka ho feletseng. Kahoo, Lipaki tsa Jehova li etsa hore li be le pono e leka-lekaneng. Lerato la baahelani le li susumeletsa ho bontša tlhompho bakeng sa thepa ea ba bang, empa ka ho loketseng li eteletsa ho ruta ’Muso oa Molimo pele. (Mattheu 6:33)—1/1, leqephe 31.

▫ Jesu o ile a sebeletsa e le mojari oa leseli ka litsela life? (Johanne 8:12)

Jesu o ile a inehela ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Luka 4:43; Johanne 18:37) O ile a boela a pepesa mashano a bolumeli ’me ka ho etsa joalo a fana ka tokoloho ea moea ho ba neng ba le botlamuoeng ba bolumeli. (Mattheu 15:3-9) Ka ho khethehileng, o ile a ipaka e le leseli la lefatše ka ho nehelana ka bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho e le thekollo. (Mattheu 20:28; Johanne 3:16)—1/15, maqephe 10-11.

▫ Mabaka a mang ao ka ’ona re lokelang ho ikokobeletsa Jehova Molimo ke afe?

Jehova ke ’Musi oa Bokahohle, ’me ka lebaka lena re lokela ho ikokobeletsa eena. Hape, kaha Jehova o matla ’ohle, ha ho motho ea ka mo hanyetsang ’me a atleha, kahoo re ke ke ra iphapanyetsa ho ikokobeletsa eena. Libōpuoa tsohle tse bohlale li bōpetsoe ho sebeletsa merero ea Moetsi oa tsona, ’me sena se tlama bohle ho ikokobeletsa Molimo linthong tsohle.—2/1, maqephe 10-11.

▫ Josefa o ile a thusoa ke’ng hore a se etse bohlola le mosali oa Potifaro?

Josefa o ne a e-na le matla a maholo a neng a susumetsa kelello ea hae. O ne a amehile haholo ka kamano ea hae le Jehova ’me o ne a utloisisa hore ho etsa bohlola e ne e ke ke ea ba sebe feela ho monna oa mosali eo empa, habohlokoa ka ho fetisisa, ho Molimo.—2/15, leqephe 21.

▫ Jesu o ne a bolela eng ha a re: “Ke ’na . . . ’nete”? (Johanne 14:6)

Jesu ha aa ka a bua ’nete le ho e ruta feela; o ile a e phelela ’me ea ba mothofatso oa eona. Kahoo, Bokreste hase feela khopolo; ke tsela ea bophelo.—3/1, leqephe 15.

▫ Pesaleme ea 51 e na le thuto efe e khothatsang?

Pesaleme ena e re thusa ho hlokomela hore haeba re khoptjoa sebeng empa re baka kannete, Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo o tla utloa mohoo oa rōna o kōpang mohau ’me a re boloke ho nyahameng. Leha ho le joalo, re lokela ho ameha haholo-holo ka thohako e tlang lebitsong la Jehova.—3/15, leqephe 18.

▫ Kolobetso ea metsing e tšoantšetsa eng?

Kolobetso ke ponahatso ea ka ntle ea boinehelo ba motho ho Jehova Molimo. Ho qoelisoa metsing ho bontša hore ba kolobetsoang ba shoa tseleng ea bophelo ba boithati. Ho ntšoa ka metsing ho tšoantšetsa hore joale ba phelela ho etsa thato ea Molimo, ba e eteletsa pele bophelong ba bona. (Mattheu 16:24)—4/1, maqephe 5-6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela