Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 7/1 leq. 32
  • Botle bo sa Feleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botle bo sa Feleng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 7/1 leq. 32

Botle bo sa Feleng

MONGOLI oa lithothokiso Walter De la Mare o ile a re: “Botle boa nyamela; botle boa feta.” Ka sebele sena ke se etsahalang lipaleseng tse ntlehali tsa cactus tse bontšitsoeng mona. Botle ba tsona bo feta ka pele.

Morutuoa oa Mokreste Jakobo o ngotse: “Hobane [morui] o tla fela joalo ka palesa ea joang. Hobane letsatsi le re le sa chaba le mofuthumela oa lona, le phakise le pontše joang, ’me palesa ea jona e oe, ’me botle ba sebopeho sa jona bo timele; morui le eena o tla pona joalo metsamaong ea hae.”—Jakobo 1:10, 11.

Lefatšeng lena le sa tsitsang, ruri leruo le ka nyamela ka tšohanyetso. Ho feta moo, motho oa morui—joaloka motho e mong le e mong—‘o na le matsatsi a se makae, joalo ka palesa.’ (Jobo 14:1, 2) Jesu o ile a bolela ka setšoantšo sa motho ea neng a tšoarehile a bokella matlotlo e le hore a ka phomola le ho khatholoha. Empa eitse ha a nahana hore o na le sohle se hlokahalang bakeng sa bophelo ba boiketlo, o ile a shoa. Jesu o lemositse: “Ea ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Molimo, o joalo.”—Luka 12:16-21.

‘Ho ruela ho Molimo.’ Jesu o ne a bolela’ng ka seo? Motho ea ruileng ka tsela ena o na le “matlotlo leholimong”—e leng lebitso le letle ho Molimo. Letlotlo le joalo ha ho hlokahale hore le fele. (Mattheu 6:20; Ba-Heberu 6:10) Ho e-na le ho ba joaloka palesa e ponang, motho ea joalo ka Bibeleng o tšoantšoa le sefate, seo mahlaku a sona a sa foforeheng. ’Me, rea tiisetsoa hore, “see a se etsang kaofela sea mo atla.”—Pesaleme ea 1:1-3, 6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela