Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 8/1 leq. 32
  • Ho Batla Matlotlo a Patiloeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla Matlotlo a Patiloeng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 8/1 leq. 32

Ho Batla Matlotlo a Patiloeng

KA 1848 khauta e ile ea sibolloa setšeng sa Sutter seo a neng a hlomile mochine o pomang lifate ho sona California, U.S.A. Ka 1849 ba likete ba ile ba subuhlellana sebakeng sena ka tšepo ea ho rua ka potlako, ’me ho phallela maruo merafong ea khauta ho hoholo ka ho fetisisa historing ea United States ho ne ho tsoela pele. Ka nako ea selemo se le seng feela, kou e haufi ea San Francisco, e ile ea hōla ho tloha ho toropo e nyenyane ho isa ho motse o nang le batho ba 25 000. Tebello ea ho rua ka ho panya ha leihlo e ile ea ipaka e le khoheli e matla.

Morena Salomone oa Iseraele ea boholo-holo o ne a tseba kamoo banna ba sebetsang ka matla ka teng ho rafa letlotlo le patiloeng ’me u buile ka sena ha a ne a ngola: “Ke re, ha u ka bitsa masene, ua hoeletsa kutloisiso, ua e batla joaloka silevera, ua e rafa joaloka matlotlo a patiloeng mobung; ke moo u tla tseba ho tšaba Jehova, u fihlele tsebo ea Molimo.”—Liproverbia 2:3-5.

U ka etsa lintho tse ngata ka khauta le ka silevera, empa u ka etsa ho eketsehileng ka kutloisiso le ka masene. Tsena li tla u thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng, ho rarolla mathata, ho atleha lenyalong, le ho fumana thabo. (Liproverbia 2:11, 12) Ka ho tšoanang, tsebo ea ’nete le bohlale li tla u thusa ho tseba ’Mōpi oa hao, ho utloisisa merero ea hae, ho mo utloa le ho mo thabisa. Khauta e ke ke ea u fa letho la lintho tsena.

Mantsoe a Bibele ke ’nete: “Bohlale ke setšabelo joalokaha chelete e le setšabelo, empa molemo oa tsebo ke ona: bohlale bo boloka bophelo ba ba nang le bona.” (Moeklesia 7:12, New International Version) Ha ba bangata ba lora ka ho rua ka ho panya ha leihlo, ke ho bohlale hakaakang ho phetla Bibele le ho rafa masene, kutloisiso, tsebo, le bohlale tseo e leng leruo la ’nete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela