Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 2/15 leq. 31
  • Metsi a Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Metsi a Bophelo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 2/15 leq. 31

Metsi a Bophelo

“LE EA utloang a ke a re: Tloo! Le ea nyoriloeng a a tle; le ea ratang, a nke feela metsi a bophelo.” (Tšenolo 22:17) “Metsi a bophelo”—a bolela litokisetso tsohle tsa Molimo bakeng sa topollo ea rōna e theiloeng sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste. Litokisetso tsena lia fumaneha, ’me li fumaneha ntle ho tefo. Ke ho fana ka seatla se bulehileng hakaakang ha Molimo oa rōna! Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha li tšoantšoa le metsi?

Ha e le hantle, metsi a sebele a etsa hore limela li hōle mobung, ’me seo se nolofatsa bophelo ba batho. Ka ntle ho metsi, bophelo ba limela, le ba batho bo ke ke ba e-ba teng. Ho feta moo, metsi a etsa karolo ea 65 lekholong ’meleng oa motho. Litsebi tse ling tsa bophelo bo botle li khothaletsa ho boloka karolelano eo ea metsi ka ho noa lilithara tsa metsi tse peli le halofo ka letsatsi. Tšebetso eohle ea hao ea ka hare—ho tloha ho siloeng ha lijo ho isa ho ntšuoeng ha litšila—e hloka metsi. Haeba u sa noe metsi beke e le ’ngoe u tla shoa.

Ka ho tšoanang, “metsi a bophelo” a ntšetsa bophelo ba moea pele ’me aa bo entša. Haeba re hana metsi a bophelo, ha re na bokamoso bo tšoarellang. (Johanne 3:36) Haeba re a amohela, re ka fumana bophelo bo sa feleng. Ha ho makatse ha mosali oa Mosamaria a ile a arabela ka cheseho ha Jesu a re ho eena: “E mong le e mong ea noang metsi ao ke mo neang ’ona, a ke ke a hlola a nyoroa le ka mohla o le mong, ’me metsi ao ’na ke mo neang ’ona, e tla ba ka ho eena seliba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng”! (Johanne 4:14) E se eka re ka hahamalla ho fumana metsi a bophelo ntle ho tefo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]

Garo Nalbandian

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela