Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 9/15 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boloka ‘Tšepo ea Hao ea Poloko’ e Khanya!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Na U Tla Arabela Leratong la Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lena ke Letsatsi la Poloko!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Buka ea Bibele ea 45—Ba-Roma
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 9/15 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ho Ba-Roma 9:3 (NW), moapostola Pauluse o ngotse hore: “Ke ne nka lakatsa hore ’na ka bonna ke arohe ho Kreste joaloka ea rohakehileng molemong oa banab’eso, beng ka ’na nameng.” Na o ne a bolela hore o ne a tla etsa bophelo ba hae sehlabelo bakeng sa ho pholosa Bajode ba habo?

Jesu o ile a beha mohlala o ipabotseng oa lerato. O ne a ikemiselitse ho nehelana ka sephefumolohi sa hae, kapa bophelo, bakeng sa batho ba baetsalibe. Nakong ea tšebeletso ea hae ea phatlalatsa, o ile a itšebelisetsa batho ba habo—Bajode—e le hore ba bangata kamoo ho ka khonehang ba ka ba har’a ba neng ba tla rua molemo sehlabelong sa hae sa topollo. (Mareka 6:30-34) Ho se arabele ha bona le khanyetso molaetseng oa poloko le ka mohla ha hoa ka ha fokolisa kameho ea Jesu e lerato ka sechaba sa Bajode. (Mattheu 23:37) ’Me ‘o re sietse mehlala, re tle re hate moo a hatileng teng.’—1 Petrose 2:21.

Na ho ka etsahala hore batho ba sa phethahalang ba latele mohlala oa Jesu oa lerato? E, ’me re ka bona mohlala oa sena ho moapostola Pauluse. O ne a amehile ka Bajode ba habo hoo, ka ho ba rata, a itseng o ne a ka lakatsa hore eena ka boeena a “arohe ho Kreste joaloka ea rohakehileng” molemong oa bona.

Mono Pauluse o sebelisitse mofuta oa pheteletso, ho hlakisa taba ea hae. Jesu o ile a sebelisa pheteletso e tšoanang ho Mattheu 5:18, ha a re: “Leholimo le lefatše ha li e-so ho fete, jota leha e le ’ngoe, le hlaku leha e le ’ngoe ea molao, e ke ke ea feta, ho e-so ho etsahale ntho tsohle.” Jesu o ne a tseba hore leholimo le lefatše li ne li ke ke tsa feta. Leha e le hore Pauluse o ne a tla rohakeha, kapa hore Bajode bohle ba ne ba tla amohela Bokreste. Empa ntlha ea Pauluse e ne e le hore o ne a tla etsa ka hohle ntho leha e le efe ho thusa Bajode hore ba ithuise molemo mokhoeng oa Molimo oa ho fana ka poloko ka Jesu Kreste. Hase feela moapostola a neng a ka khothaletsa Bakreste-’moho tjena: “Le be baetsisi ba ka, joale ka ha le ’na ke le oa Kreste”!—1 Ba-Korinthe 11:1.

Kajeno, Bakreste ba lokela ho ba le kameho e tšoanang joalokaha Jesu le Pauluse ba ne ba e-na le eona bakeng sa batho ba sa lumelang. Le ka mohla a re se keng ra lumella ho hloka thahasello kapa khanyetso e tobileng e tsoang ho batho ba tšimong ea rōna ea ho paka ho fokolisa lerato la rōna ho baahisani ba rōna le cheseho ea rōna ea ho ba thusa ho ithuta tsela ea poloko.—Mattheu 22:39.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela