Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 1/1 leq. 32
  • Na li ka U Ruisa Molemo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na li ka U Ruisa Molemo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 1/1 leq. 32

Na li ka U Ruisa Molemo?

MAKASINE oo u o tšoereng o ikitlaetsa hore e be mohloli oa khothatso, o hopotsa ka tataiso ea Bibele bakeng sa ho boloka botsitso ba malapa le ho boloka botšepehi ba botho. O bontša hore mehla ea kajeno e likhathatso e ile ea boleloa esale pele ka Bibeleng, ’me o totobatsa tharollo—puso ea ’Muso oa Molimo. Na u ka rua molemo ho Molula-Qhooa le makasine o tsamaisanang le oona Tsoha!

Mosali ea bitsoang Vilma, o ile a ngola ho tsoa Philippines: “Haeba ho ne ho e-na le lentsoe le ka hlalosang likhatiso tsa lōna, ke nahana hore ke ne ke tla khetha ‘tse babatsehang.’ Ke ile ka bona le ho bala ka lekhetlo la pele Tsoha! ea lōna le Molula-Qhooa ha ke ne ke palame bese e khutlelang hae ke e-tsoa Manila. Ke atisa ho nka likoranta ha ke tsamaea, empa lekhetlong lena ke ne ke sa li nka.

“Ea neng a lutse pel’a ka ha ke le leetong leo e ne e le monna ea lilemong tse bohareng ea neng a e-na le likhatiso tsa lōna. Ka mor’a hore a bale Tsoha!, o ile a ntša makasine o mong, Molula-Qhooa. Ke ile ka phothoma monyetla oa ho alima Tsoha! Ho bua ’nete, ke ile ka thabela ho bala limakasine tseo hobane lihlooho tsohle e ne e le tse thahasellisang, tse nakong le tse hlasimollang.”

Mosali eo o ile a qetella ka ho re: “Ruri ke batla ho amohela limakasine tsa lōna. Ka kōpo ntsebiseng kamoo nka li fumanang ka teng.” Ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Philippines e ile ea thabela ho phethahatsa kōpo ea hae ka ho kenyeletsa mosali enoa lenaneng la ba romelloang limakasine.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela