“A Re Baleng Haholoanyane Pele re Soma”
SENA ke se ileng sa boleloa ke motho e mong oa New Zealand mabapi le Molula-Qhooa, e leng makasine oo u ntseng u o bala. Motho enoa o ile a ngola tjena mabapi le sehlooho se buang ka koloi ea Molimo ea leholimo e hlalositsoeng ho Ezekiele khaolo 1:
“Se seng le se seng sa libōpuoa tsena tse phelang, kapa likerubime, se ne se na le mapheo a mane le lifahleho tse ’nè. Li ne li na le sefahleho sa tau, se emelang tōka ea Jehova; sefahleho sa poho, se emelang matla a Molimo; sefahleho sa ntsu, se emelang bohlale ba hae; le sefahleho sa motho, se emelang lerato la Jehova.
“Ka mor’a ho bala sena ka makhetlo-khetlo, ke ile ka ba le boikutlo bo mofuthu ka pelong ea ka. Meokho ea thabo e ile ea seka mahlong a ka. Hang-hang ho ile ha tla mehopolo ena, ‘E tlameha ebe u motle u bile u thabile hakaakang, Jehova!’ Ke imakaletse haholo ka baka la boikutlo bona bo bocha mabapi le Jehova Molimo enoa eo ke ’nileng ka mo soma ka lilemo tse ngata, ke le motho oa lefatše feela tjee. Ke re ho Lipaki tsa Jehova, ‘kea leboha,’ ’me ho ba bangata ba tšoanang le ’na, ke re, ‘A re baleng haholoanyane pele re soma.’”