Na U Nka Bibele e le ea Bohlokoa?
LILEMO tse ka bang 200 feela tse fetileng, Mary Jones o ile a hlahela Llanfihangel, motse o hōle oa Mawelshe haufi le lebōpo la Atlantic. Batsoali ba hae e ne le lilohi tse futsanehileng—ba futsanehile haholo hore ba ka ba le Bibele. Empa ba ile ba kenya ka ho morali oa bona ho rata Molimo ka ho mo bolella lipale tsa Bibele le ho pheta litemana tseo ba li hopolang. Hangata Mary o ne a bala Bibele ea Sewelshe ea moahelani ’me a qala ho boloka cheletana eo a ka e khonang, a ikemiselitse ho ithekela ea hae.
Ka selemo sa 1800, ha Mary a le lilemo li 16, a utloela hore ho rekisoa Libibele tsa Sewelshe bohōle ba lik’hilomithara tse 40 motseng o monyenyane oa Bala. A sa tsilatsile, o ile a ikemisetsa ho ea moo ka maoto. Sena o ile a se etsa, a sa roala letho maotong ho tlōla maralla ao. Leha ho le joalo, nako eo a fihlileng moo ka eona, likopi tsohle li ne li se li rekisitsoe. Mary o ile a boela a fumana hore chelete eo a neng a e bolokile e ne e le nyenyane haholo.
Moruti oa sebaka seo o ile a susumetsoa ka ho teba ke tsebo ea Mary le ho rata ha hae Bibele. Ha a bona meokho ea hae ea ho nyahama ka mor’a boiteko bohle boo a bo entseng, ka mosa o ile a mo fa kopi ea hae ea botho, a re: “U e bale ka hloko, u ithute eona ka matla, u nke mantsoe a halalelang a kelellong ea hao e le letlotlo, ’me u etse ka lithuto tsa eona.”
Hamorao pale ena e ile ea phetoa sebokeng se seng sa Komiti ea Mokhatlo oa Lipampitšana tsa Bolumeli oa London. Moo ho ile ha etsoa qeto ea ho fana ka liphetolelo tsa Libibele eseng ho batho ba Wales feela empa le ho lefatše kaofela. Ho tloha qalong ena e nyenyane ho ile ha hlaha mekhatlo e mengata ea Bibele ea lekholong la bo19 la lilemo. Ka morao ho moo, likopi tsa lipuo lisele tsa Bibele li ile tsa qala ho hlaha ka makhetlo a eketsehileng.
Kajeno, Watch Tower Bible and Tract Society, e ileng ea etsoa mokhatlo oa molao ka 1884, e hatisa Libibele le lithuso tsa ho ithuta Bibele ka lipuo tse fetang 200. Lefatšeng ka bophara, e abile likopi tse limilione tse 72 tsa New World Translation of the Holy Scriptures ea puo ea kajeno. E fetoletsoe ho tloha Seheberung le Segerikeng tsa pele, New World Translation hona joale ea fumaneha e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse 18 ’me hona joale e ntse e fetoleloa ka maleme a eketsehileng a 12.
Kaha hona joale Bibele e ka fumanoa ke hoo e batlang e le e mong le e mong, u e talima joang? Na u nka Bibele e le ea bohlokoa? Na u na le kopi eo u e nkang e le letlotlo le eo u e balang?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
From the book The Story of Mary Jones and Her Bible