Baratuoa ba Hao ba Shoeleng—Ba Hokae?
ALEC o ne a nyahame. O ile a shoeloa ke metsoalle ea hae e ’meli ka beke e le ’ngoe. E mong oa bona, Nevil, o ile a bolaoa ke leqeba la ho thunngoa. E mong, Tony, o ile a shoa kotsing ea koloi. Lipotso tse neng li sa mo tšoenye pele, joale li ne li hlasetse moshemane enoa oa Afrika Boroa ea lilemo li 14. O ile a ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa? ’Me ho etsahala eng ka mor’a lefu?’
Ha a le tseleng a ea lepatong la Nevil, Alec o ne a na le tšepo e tiileng ea hore o tla fumana likarabo tsa lipotso tsena. Oa hopola: “Empa, moruti o ile a bala bukeng feela ’me a bolela hore Nevil o ile leholimong. Joale, ha re le mabitleng, o ile a bolela hore re emetse tsoho. Ke ne ke ferekane. Haeba Nevil a ne a le leholimong, a ka emela tsoho joang?”
Hamorao letsatsing lona leo, Alec o ile a ea lepatong la Tony. Tšebeletso e etsoang ka tloaelo e ile ea tšoaroa ka puo eo a neng a sa e utloisise. Leha ho le joalo, pherekano ea ba bang ba neng ba lla e ile ea kholisa Alec hore ha ho matšeliso a neng a fanoa. Oa hlalosa: “Bosiung boo, ke ne ke tšoenyehile haholo. Ke ile ka ikutloa ke nyahame ke bile ke ferekane. Ha ho motho ea neng a ka araba lipotso tsa ka ka tsela e khotsofatsang. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ile ka hla ka ipotsa hore na Molimo o teng.”
Selemo ka seng ba limilione, joaloka Alec, ba shoeloa ke baratuoa ba bona. Tlhaloso ea 1992 Britannica Book of the Year, ke ena: “Lefatšeng ka bophara, ho bile le mafu a 50 418 000 ka 1991.” ’Me ke ba limilione li kae tse eketsehileng ba seng ba shoele ho tloha ka nako eo? Nahana ka meokho e mengata e tšolotsoeng ke ba shoetsoeng! Se eketsang masoabi a bona ke pherekano e bakoang ke maikutlo a hanyetsanang mabapi le lefu.
Kahoo ba bangata, ba kang Alec, ba felloa ke tšepo ’me ba ipotsa hore na ho na le motheo leha e le ofe oa tšepo ea bophelo ba nako e tlang ka mor’a lefu. Ho latela Encyclopedia of Religions, “ka mehla eohle, batho ba nahanang ba ’nile ba ikarola ho matšoele, . . . ba belaela hore na ke joang sephefumolohi kapa bophelo bo ka bang teng ka ntle ho boko le ’mele.”
Hoa thahasellisa hore ebe encyclopedia e ka holimo e lumela hore khopolo ea bolumeli ea sephefumolohi se sa shoeng se phelang ka ntle ho ’mele ha e tšehetsoe ke Bibele. Ke ’nete, libakeng tse seng kae, Bibele e bua ka “sephefumolohi” sa motho e le se tsoang ’meleng o shoeleng esita le ho khutlela ho oona, empa mehlaleng ena “sephefumolohi” se sebelisoa ka kutloisiso ea “bophelo,” bo felileng kapa bo bang teng hape. (Genese 35:16-19, NW; 1 Marena 17:17-23, NW) Hangata lentsoe “sephefumolohi” le sebelisoa ka Bibeleng ho hlalosa libōpuoa tse bonahalang tsa nama le mali, e, libōpuoa tse phelang. (Genese 1:20; 2:7, NW) Kahoo, khafetsa Bibele e bolela hore sephefumolohi sea shoa. (Ezekiele 18:4, 20, NW; Liketso 3:23, NW; Tšenolo 16:3, NW) Lentsoe la Molimo le bolela hore hang feela ha liphefumolohi li shoele, ha li “tsebe letho leha le le leng.”—Moeklesia 9:5, 10.
Ka lehlakoreng le leng, Bibele e hlile e na le litlaleho tsa batho ba shoeleng ba buselitsoeng bophelong. Tabeng ea Lazaro, sena se ile sa etsahala ka mor’a matsatsi a mane a shoele. (Johanne 11:39, 43, 44) Empa ke’ng se tla etsahala ka batho ba shoeleng lilemong tse makholo kapa tse likete tse fetileng? Na tebello ea bona ea bophelo ba nako e tlang e hloka hore Molimo a tsose ’mele oona ola oa bona oo ba shoeleng ka oona?
Che. Mohopolo o joalo ha o lumellane le se etsahalang ka liathomo tse ’meleng o shoeleng. Ka mor’a nako e telele, liathomo tse ling ho tsena li monngoa ke limela, tseo hamorao, li jeoang ke libōpuoa tse ling ’me li fetoha karolo ea ’mele ea tsona.
Na see se bolela hore ha ho na tšepo bakeng sa batho bao e seng e le khale ba shoele? Che. ’Mōpi oa bokahohleng ba rōna bo boholo o na le mohopolo o hlollang, o sa lekanyetsoang. Ka mohopolong oa hae o phethahetseng, o na le matla a ho boloka botho le litšobotsi tsa liphatsa tsa hae tsa lefutso tsa motho leha e le ofe ea shoeleng eo a khethang ho mo hopola. Ho feta moo, Jehova Molimo o na le matla a ho boela a bōpa ’mele oa motho o nang le sebōpeho sa liphatsa tsa lefutso tsa motho ea kileng a phela. A ka boela a kenya ka ho oona mohopolo le botho ba motho eo a mo hopolang, joaloka Abrahama.
Hoo e ka bang lilemo tse likete tse peli ka mor’a lefu la Abrahama, Jesu Kreste o ile a fana ka tiiso ena: “Ha e le hobane bafu ba tla tsoha, Moshe le eena o ho bonahalitse, mohla a leng pel’a sehlahla, ha a bitsa Morena, Molimo oa Abrahama, le Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo. Athe Molimo hase Molimo oa bafu, ke oa ba phelang; hobane ho oona batho kaofela ke ba phelang.” (Luka 20:37, 38) Ntle ho Abrahama, Isaaka, le Jakobo, batho ba bang ba shoeleng ba limilione baa phela mohopolong oa Molimo, ba emetse tsoho e tlang. Bibele ea tiisa: “Tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.”—Liketso 24:15.
Libeke li se kae ka mor’a ho shoeloa ke baratuoa ba hae, Alec o ile a fumana likarabo tsa lipotso tsa hae. E mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a ea habo ’me a mo bontša seo Lentsoe la Molimo le se bolelang ka lefu le ka tsoho. Sena se ile sa tšelisa Alec ’me sa mo tlisetsa morero o mocha bophelong ba hae.
Na le uena u ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka tšepo ea tsoho e theiloeng Bibeleng? Ka mohlala, na bongata ba batho bo tla tsohela leholimong kapa lefatšeng? ’Me motho o tlameha ho etsa joang e le hore a ka amoheloa ke Molimo le ho fumana molemo phethahatsong ea tšepiso ea Hae e babatsehang ea hore batho ba ka ’na ba boela ba kopana le baratuoa ba bona ba shoeleng?